Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 19:4 - BIBELE

4 A araba, a re: “Na ha le eso bale hore tshimolohong Mmopi ‘o ile a etsa e motona le e motshehadi?’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 A araba, a re ho bona: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 A araba, a re ho bona: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 19:4
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.


Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”


Yaba motho o re: “Enwa ke lesapo la masapo a ka, le nama ya nama ya ka; o tla bitswa Mosadi, hobane a ntshitswe ho Monna.”


a bopa e motona le e motshehadi, a ba hlohonolofatsa, mme a ba bitsa “motho”, mohla a ba hlolang.


Jehoyada a mo nyadisa basadi ba babedi, mme a tswala bara le baradi.


Na hase Morena ya entseng hore monna le mosadi e be ntho e le nngwe? Ke ba hae ka nama le ka moya. Ke hobaneng ha a ba entse hore e be ntho e le nngwe? Ke hobane a ne a batla bana ba mo hlomphang. Kahoo o itlhokomele, o se sitelwe mosadi wa hao wa matswathaka.


A re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile mmoho le bao a neng a ena le bona;


Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’?


Yaba barutuwa ba a ya, mme ba etsa kamoo Jesu a ba laetseng kateng.


Tabeng ya tsoho ya bafu, na ha le eso bale seo Modimo a neng a le bolelle sona, a re:


Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha.


Tabeng ya bafu ba tsohang, na ha le eso bale bukeng ya Moshe, moo ho buuwang ka sehlahla, kamoo Modimo a ileng a re ho yena kateng: ‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’


A re ho bona: “Na ha le eso ka le bala seo Davida a neng a se etse, mmoho le bao a neng a ena le bona, ha ba lapile, mme ba hloka se jewang;


Yaba o re ho yena: “Ho ngotsweng Molaong? O o bala jwang?”


Jesu a ba araba, a re: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse ha a lapile, mmoho le bao a neng a ena le bona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos