Sallu, Amoke, Hilkia, le Jedaia. E ne e le bona dihlooho tsa baprista le tsa banababo bona mehleng ya Joshua.
Mattheu 16:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro. BIBELE Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung. Baasraak Sotho NT Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, mme a hlokofatswe haholo ke baholo le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, mme a hlokofatswe haholo ke baholo le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro. |
Sallu, Amoke, Hilkia, le Jedaia. E ne e le bona dihlooho tsa baprista le tsa banababo bona mehleng ya Joshua.
Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Empa Petrose a mo nkela thoko, a qala ho mo kgalemela, a re ho yena: Morena, o ikutlwele bohloko; tse jwalo di ke ke tsa o hlahela.
Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.
Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba; ba mpa ba mo entse hohle hoo ba ho ratileng; Mora motho le yena o tla utlwiswa bohloko jwalo ke bona.
Yare ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Pono eo le se ke la e bolella motho, Mora motho a eso ho tsohe bafung.
jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.
Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.
A re a sa rialo, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le sehlopha se seholo, se tshwereng disabole le melamu, se romilweng ke baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.
ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro.
Ha a sa le mona, hobane o tsohile jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone tao eo Morena a neng a beilwe ho yona.
Yaba Jesu o qala ho ba ruta hore e ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha ka tsatsi la boraro.
A araba, a re ho bona: Efela Elia o tshwanetse ho tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, mme a nyediswe?
A ntoo re ho bona: Ho ne ho ngodilwe jwalo, mme ho ne ho tshwanela hore Kreste a utlwiswe bohloko, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro;