Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 17:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba; ba mpa ba mo entse hohle hoo ba ho ratileng; Mora motho le yena o tla utlwiswa bohloko jwalo ke bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Empa nna ke re ho lona: Elia o se a ile a tla, mme ha ba a ka ba mo tseba, empa ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng; ka mokgwa o jwalo Mora Motho le yena o tla hlokofatswa ke bona.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba, ba mpa ba mo entse kamoo ba ratileng kateng. Mora motho le yena o tla hlokofatswa ke bona jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba, ba mpa ba mo entse kamoo ba ratileng kateng. Mora motho le yena o tla hlokofatswa ke bona jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 17:12
25 Referencias Cruzadas  

Johanne ha a le teronkong, a utlwa mesebetsi ya Kreste; yaba o romela barutuwa ba hae ba babedi ho Jesu,


Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.


Jesu a araba, a re ho bona: Kannete Elia o tshwanetse ho tla, a busetse tsohle tokeng.


Jwale, barutuwa ba utlwisisa hobane o ba lekanyetsa Johanne Mokolobetsi.


Ha ba sa ya le Galelea, Jesu a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho.


Yare ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Pono eo le se ke la e bolella motho, Mora motho a eso ho tsohe bafung.


Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela; empa balekgetho le basadi ba bafebi ba mo dumetse; mme lona, leha le bone hoo, ha le a ka la baka, la mo dumela.


Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.


Hobane Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: O na le motemona.


Le ne le tle habo lona, mme ba habo lona ha ba ka ba le amohela.


o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.


ho ke ho tsejwe ke lona kaofela le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hobane motho enwa ya emeng pela lona, o fodisitswe ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo o mpang o mo tsositse bafung.


Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos