Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 28:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ha a sa le mona, hobane o tsohile jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone tao eo Morena a neng a beilwe ho yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a bolele. Tloong, le bone sebaka seo a neng a le ho sona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone nqalo eo Jehova a neng a robetse ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone nqalo eo Jehova a neng a robetse ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 28:6
17 Referencias Cruzadas  

Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.


Ba tla mmolaya, empa o tla tsoha ka tsatsi la boraro. Yaba barutuwa ba swaba haholo.


Yare ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Pono eo le se ke la e bolella motho, Mora motho a eso ho tsohe bafung.


Ba tla mo neela baditjhaba, hore ba mo some, le ho mo shapa, le ho mo thakgisa sefapanong; mme o tla tsoha ka tsatsi la boraro.


ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro.


Eo a mpa a re ho bona: Le se ke la tshoha. Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng; o tsohile, ha a yo mona. Bonang, moo ba neng ba mmeile teng ke mona.


Yaba Jesu o qala ho ba ruta hore e ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha ka tsatsi la boraro.


Leha ho le jwalo, Petrose a tloha, a mathela lebitleng; eitse hobane a nyarele, a bona masela a beilwe a nnotshi fatshe; a ntoo kgutla, a ntse a maketse ka ho yena ke se hlahileng.


mme ha ba ka ba fumana setopo sa hae, ba ba ba tla, ba bolela hore ba bone mohlolo wa mangeloi a itseng, o a phela.


A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.


Seo ke ratwang ke Ntate ka baka la sona ke hobane ke bea bophelo ba ka, ke tle ke boele ke bo nke.


Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.


Modimo o mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu, kahobane ho ne ho se kamoo a ka tiiswang kateng, ke lona ruri.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos