Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 28:6 - BIBELE

6 Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a bolele. Tloong, le bone sebaka seo a neng a le ho sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ha a sa le mona, hobane o tsohile jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone tao eo Morena a neng a beilwe ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone nqalo eo Jehova a neng a robetse ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone nqalo eo Jehova a neng a robetse ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 28:6
17 Referencias Cruzadas  

Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.


mme ba tla mmolaya, empa o tla tsoha bafung ka tsatsi la boraro.” Yaba ba swaba haholo.


Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.”


ba neelane ka yena ho baditjhaba, hore ba mo some, ba mo shape, mme ba mo thakgise sefapanong, a nto tsoha ka letsatsi la boraro.”


ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: ‘Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.’


Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena.


Jesu a qala ho ba ruta hore eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.


Empa Petrose a ema, a mathela lebitleng; ha a fihla a nyarela, a bona masela feela; yaba o tloha a maketse ke se etsahetseng.


feela ba se ke ba fumana setopo sa hae. Ba kgutla ba re ba bone mangeloi a reng o a phela.


Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”


Ke ka lebaka lena Ntate a nthatang, hobane ke tela bophelo ba ka, hore ke tle ke boele ke bo fumane.


Jesu a ba araba, a re: “Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”


Empa ke eo Modimo a mo tsositseng, a mo lokolla mahlokong a lefu, hobane ho ne ho ke ke ha etsahala hore lefu le mo tlamele ruri.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos