Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 20:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Jwalokaha Mora Motho a sa tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa, le ho fana ka bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Jwalokaha Mora Motho a sa tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa, le ho fana ka bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 20:28
35 Referencias Cruzadas  

eba Modimo o a mo hauhela, mme o re ho lona: Mo namole, a tle a se ke a theohela lebitleng, ke bone se ka mo lopollang.


Ha ho le a mong wa bona ya ka tsebang ho lopolla ngwanabo, leha e le ho ntshetsa Modimo topollo bakeng sa hae.


Athe o hlabetswe dibe tsa rona, a tetekwa ka baka la makgopo a rona; kotlo e re tlisetsang kgotso e mo wetse hodimo, mme re pholoswa ke maqeba a hae.


A tloswa mahlomoleng le kahlolong; mme ho kile ha lemoha mang hara ba leloko la hae, hore o kgaotswe lefatsheng la ba utlwang, le hore o otlilwe ka baka la sebe sa setjhaba sa ka?


le pohwana ya kgomo, le pheleu, le konyana e tona e lemo se le seng, e be setjheso;


mme mang le mang ya ratang ho ba wa pele hara lona, e be mofo wa lona;


hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata tshwarelong ya dibe.


Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.


hobane le yena Mora motho ha a ka a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


A re ho bona: Hona ke madi a ka, a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata.


Hobane e moholo ke mang? A ke ya dutseng tafoleng, kapa a ke ya sebeletsang na? Na hase ya dutseng tafoleng na? Empa nna, ke hara lona jwaloka ya sebeletsang.


Jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate; mme ke beela dinku bophelo ba ka.


e leng yena ya teletsweng lefu ka baka la dibe tsa rona, mme o tsositswe ho re bea ba lokileng.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


Ke ka ho yena re nang le topollo ka madi a hae, ke ho re, tshwarelo ya ditshito, ka monono wa mohau wa hae,


mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


ya ineetseng ho ba topollo ya bohle. Ke boo bopaki bo beilweng mehleng ya teng,


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba yena eo ntho tsohle di etseditsweng yena, eo tsohle di entsweng ke yena, ha a ne a tla isa bana ba bangata kganyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena wa poloko ya bona.


leha e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng.


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona; e seng ya tsa rona feela, empa e le le ya tsa lefatshe lohle.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos