Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.
Mattheu 15:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Modimo o laetse, wa re: Hlonepha ntatao le mmao. Hape ho itswe: Ya rohakang ntatae, leha e le mmae, a bolawe. BIBELE Modimo o itse: ‘Hlompha ntatao le mmao,’ mme hape a re: ‘Ya rohakang ntatae kapa mmae a bolawe.’ Baasraak Sotho NT Hobane Modimo o laetse, wa re: Hlonepha ntatao le mmao; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane Modimo o laetse, wa re: Hlonepha ntatao le mmao; |
Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.
Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.
Eyang molaong le bopaking; ekareha ho sa uwe ka lentswe lena, etlaba setjhaba ha se sa tla tjhabelwa ke tsatsi le leng.
E mong le e mong ho lona a hlonephe ntatae le mmae, mme le boloke Disabatha tsa ka. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
Mang le mang ya rohakang ntatae, leha e le mmae, o tla bolawa; o rohakile ntatae le mmae: madi a hae a tla ba hodima hae.
A araba, a re ho bona: Le lona, le tlolelang molao wa Modimo ka mokgwa oo le o neanang na?
Kanthe lona le re: Ya reng ho ntatae, leha e le ho mmae: Sa tsa ka seo nka beng ke o thusa ka sona, ke se ke se abetse Modimo, ha a na molato, leha a sa hlonephe ntatae le mmae.
Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.
Hlonepha ntatao le mmao, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse, matsatsi a hao a tle a anafale, mme o be le lehlohonolo lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.