Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 20:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mang le mang ya rohakang ntatae, leha e le mmae, o tla bolawa; o rohakile ntatae le mmae: madi a hae a tla ba hodima hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “ ‘Motho ofe kapa ofe ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa. Kaha o rohakile ntatae kapa mmae, o tla bolawa ka baka la molato wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 20:9
17 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.


Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.


Ya rohakang ntatae, kapa mmae, a bolawe.


Ya rohakang ntatae le mmae, lebone la hae le tla tima lefifing.


O teng moloko o mong o rohakang ntata wona, o sa hlohonolofatseng le mma wona.


Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.


a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!


Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.


Ekare ha mosadi a ka emela phoofolo hore a fejwe ke yona, o tla bolaya mosadi eo le yona phoofolo; mosadi o tla bolawa le yona phoofolo, mme madi a bona a tla ba hodima hae le hodima yona.


Ekare ha e mong a fumanwa hara lona, e le monna, kapa mosadi, ya bitsang bafu, kapa a iketsa senohe, ba tla bolawa, ba tlepetswe ka majwe; madi a bona a tla ba hodima bona.


Hobane Modimo o laetse, wa re: Hlonepha ntatao le mmao. Hape ho itswe: Ya rohakang ntatae, leha e le mmae, a bolawe.


Setjhaba kaofela sa araba, sa re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.


Hobane Moshe o itse: Hlonepha ntatao le mmao, mme ya buang hampe le ntatae, leha e le mmae, a bolawe.


Ho rohakwe ya nyedisang ntatae, kapa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Leha e le mang le mang ya tla tswela kantle ho menyako ya ntlo ya hao, madi a hae a tla ba hodima hlooho ya hae; moo etlaba ha re na molato; mme leha e le mang le mang ya tla ba le wena ka tlung, madi a hae a tla ba hodima dihlooho tsa rona, ha a ka tswa kotsi.


e le hore molato wa polao ya bara ba Jerubbaale ba mashome a supileng, le madi a bona a busetswe ho ngwanabo bona Abimeleke ya ba bolaileng, le ho beng ba Sikeme ba mo thusitseng ho bolaya banababo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos