17 Ya rohakang ntatae, kapa mmae, a bolawe.
17 “Ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.”
Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.
Ekare ha ba bang ba phea kgang, mme e mong a otla e mong ka lejwe, kapa ka setebele, ha a sa shwe, a mpa a robatswa diphateng,
Ya rohakang ntatae le mmae, lebone la hae le tla tima lefifing.
O teng moloko o mong o rohakang ntata wona, o sa hlohonolofatseng le mma wona.
Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.
Etlare ha motho a ena le mora ya lonya, ya ikgantshang, ya hanang ho utlwa lentswe la ntatae le lentswe la mmae, mme leha ba ntse ba mo laya, a ntse a hana ho ba utlwa;
Jwale batho bohle ba motse wa habo ba tla mo tlapunya ka majwe, a shwe. Tlosa bobe haeno jwalo, hore Baiseraele bohle ba utlwe, mme ba tshabe.
Ho rohakwe ya nyedisang ntatae, kapa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!