17 “Ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.”
17 Ya rohakang ntatae, kapa mmae, a bolawe.
“Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
“Ha banna ba phehisana kgang, mme e mong a otla e mong ka lejwe kapa ka setebele, eba eo ha a shwe, o robala diphateng tsa hae feela;
Haeba motho a rohaka ntatae kapa mmae, bone la hae le tla tingwa hoja ho le lefifi.
“Moloko o teng o rohakang bo-ntata wona, o sa hlompheng le bo-mma wona.
“Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je.
“Ha monna a ena le mora ya manganga, ya sa utlweng ditaelo, ya sa mameleng ntatae, kapa ya sa mameleng mmae; ere leha ba mo kgalemela a sa ba mamele,
Banna bohle ba motse ba tla mo tlepetsa ka majwe, a be a shwe. Kahoo o tla tlosa bokgopo ho wena, mme Baiseraele bohle ba tla utlwa, mme ba tshabe.”
“ ‘Ho rohakehe ya sa hlompheng ntatae kapa mmae.’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’