Yaba Abrahama o phakisa a kena tenteng ho Sara, a re: Phakisa o nke ditekanyo tse tharo tsa phofo e thumisitsweng, o dube, o etse dinkgwana.
Mattheu 13:33 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, hlama e tle e kokomohe kaofela. BIBELE A ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo di tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.” Baasraak Sotho NT A ba bolella setshwantsho se seng; Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a e nkileng, a e pata ka tekanyong tse tharo tsa phofo, ya ba ya bela kaofela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba bolella setshwantsho se seng; Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a e nkileng, a e pata ka tekanyong tse tharo tsa phofo, ya ba ya bela kaofela. |
Yaba Abrahama o phakisa a kena tenteng ho Sara, a re: Phakisa o nke ditekanyo tse tharo tsa phofo e thumisitsweng, o dube, o etse dinkgwana.
Yaba Amnone o robala, a iketsa ya kulang. Morena ha a tla mmona, Amnone a re ho morena: Ho ke ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, a ke a nketsetse maqebekwane a mabedi pela mahlo a ka, ke tle ke a je diatleng tsa hae.
Leha ho le jwalo, ya lokileng o tiisetsa tseleng ya hae, ya nang le matsoho a masweu o eketsa ho ipha matla.
Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.
A re tsebeng, a re phehelleng ho tseba Jehova! Ho hlaha ha hae ho tiile jwaloka mafube a meso; o tla re tlela jwaloka pula, jwaloka pula ya hwetla e nosetsang lefatshe.
Jesu a ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa ka motho ya jadileng peo e ntle tshimong ya hae.
Le hojane Morena a sa ka a kgutshofatsa matsatsi ao, ekabeba ho ne ho ke ke ha phela motho; empa ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng, o kgutsofaditse matsatsi ao.
O tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, ho fihlela ha e kokomohile kaofela.
Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.
Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.
Mme seo ke se kopang, ke hore lerato la lona le nne le eketsehe kamehla, ka tsebo le ka kelello yohle;
le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona. Ho yena e be kganya jwale le mehleng e sa feleng! Amen!
Yaba Gideone o ya, a lokisa potsanyane, a nka le efa ya phofo, a etsa dinkgwana tse se nang ditomoso; a bea nama serotong, a tshela moro pitseng; a mo tlisetsa tsona tlasa sefate sa terebinthe, mme a mmeela tsona.
Eitse hobane a qete ho mo kgwesa, ba ya le yena ka kgomo tse tharo, le efa e nngwe ya phofo, le lekuka la veine, mme a mo tlisa tlung ya Jehova, Silo, ngwana a sa le monyenyane.