Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Efela e le yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e hodile, e siya meroho e meng, e fetohe sefate, moo dinonyana tsa lehodimo di tlang, mme di aha makaleng a sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

32 E leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e se e hodile, e kgolo ho dimela, mme e fetoha sefate, hoo dinonyana tsa lehodimo di tlang ho aha makaleng a sona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 E leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e se e hodile, e kgolo ho dimela, mme e fetoha sefate, hoo dinonyana tsa lehodimo di tlang ho aha makaleng a sona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:32
20 Referencias Cruzadas  

Dinonyana tsa lehodimo di ikgahela pela tsona, di ntsha melodi ya tsona makaleng a difate.


Makaleng a yona, dinonyana tsohle tsa tla etsa matlo a tsona, diphoofolo tsohle tsa naha tsa tla tswalla tlasa makala a yona, ha ikahela ditjhaba tsohle moriting wa yona.


mahlaku a sona a le matle, ditholwana tsa sona di le ngata, se ena le dijo tsa bohle; diphoofolo tsa naha di ne di etla moriting wa sona, dinonyana tsa lehodimo di ne di haha makaleng a sona, dibopuwa tsohle di ne di bona dijo ho sona.


Hobane ke mang ya ka nyedisang letsatsi la taba tse nyenyane? A ile a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, e leng mahlo a Jehova, a ntseng a qamaka lefatshe lohle.


Hape a re: Mmuso wa Modimo re tla o bapisa le eng? Re ka o tshwantsha ka setshwantsho sefe?


Empa, ha e se e jadilwe, e hole, mme e fete meroho yohle ka boholo, e etse makala a maholo, mme dinonyana tsa lehodimo di ahe moriting wa yona.


A boela a re: Mmuso wa Modimo o tshwana le eng, mme ke tla o tshwantsha kang?


Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:


Jwale, ha ba utlwa taba tseo, ba tlotlisa Morena; ba mpa ba re ho yena: Ngwaneso, o ka bona bongata ba dikete tsa Bajuda ba dumetseng; hape ba sa tjhesehela molao kaofela ha bona.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos