Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 18:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Abrahama o phakisa a kena tenteng ho Sara, a re: Phakisa o nke ditekanyo tse tharo tsa phofo e thumisitsweng, o dube, o etse dinkgwana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Aborahama a potlakela ho Sara, ka tenteng, a re: “Phakisa o nke dirotwana tse tharo tsa phofo e thumisehileng, o e dube, o etse maqebekwane.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:6
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla tlisa sengwathwana sa bohobe, le ke le hlaphole dipelo tsa lona, le ntoo feta; hobane ke ka baka leo le fetang pela mohlanka wa lona. Ba re: Etsa jwalokaha o boletse.


Abrahama a titimela mohlapeng, a nka namane e nama e boreletsana, e monate, a e neela mohlanka, hore a phakise a e apehe.


Empa a ba phehella haholo, ba ba ba fapohela ho yena, ba kena ka tlung ya hae; mme a ba etsetsa selallo, a ba apehela dinkgwana tse se nang ditomoso, mme ba eja.


Yaba Amnone o robala, a iketsa ya kulang. Morena ha a tla mmona, Amnone a re ho morena: Ho ke ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, a ke a nketsetse maqebekwane a mabedi pela mahlo a ka, ke tle ke a je diatleng tsa hae.


Ke a phakisa, ha ke diehe ho boloka ditaelo tsa hao.


Empa motho ya kgabane o rera tsa bokgabane o phehella tsa bokgabane.


A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, hlama e tle e kokomohe kaofela.


Yare hobane a kolobetswe le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ha ekaba le ahlotse hore ke ya dumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ya ka, le dule teng. Mme a re tiisetsa matla.


Sielang bahalaledi ha ba hloka; le be mafolofolo ho amohela baeti.


Haele lona, banabeso, le bileditswe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.


Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.


Le amohelane boeting le sa kganane.


Yaba Gideone o ya, a lokisa potsanyane, a nka le efa ya phofo, a etsa dinkgwana tse se nang ditomoso; a bea nama serotong, a tshela moro pitseng; a mo tlisetsa tsona tlasa sefate sa terebinthe, mme a mmeela tsona.


Mosadi eo o ne a na le namane e nonneng hae; a phakisa a e hlaba; a nka le phofo, a e duba, a apeha ka yona bohobe bo sa lomoswang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos