Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 18:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Abrahama a titimela mohlapeng, a nka namane e nama e boreletsana, e monate, a e neela mohlanka, hore a phakise a e apehe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Jwale Aborahama a mathela mohlapeng wa dikgomo, a kgetha namane e nonneng, e nama e bonojwana, mme a e nea mohlanka; yena a e hlaba ka potlako.

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:7
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o phakisa a kena tenteng ho Sara, a re: Phakisa o nke ditekanyo tse tharo tsa phofo e thumisitsweng, o dube, o etse dinkgwana.


A nka mafi, le lebese, le namane e apehilweng, a di bea pela bona; empa yena a ikemela pela bona katlasa sefate, mme ba eja.


Empa a ba phehella haholo, ba ba ba fapohela ho yena, ba kena ka tlung ya hae; mme a ba etsetsa selallo, a ba apehela dinkgwana tse se nang ditomoso, mme ba eja.


Ba sekame hodima ditulo tse entsweng ka manaka a tlou, ba ikotlolotse hodima diphate tsa bona, ba ja dikonyana tsa mohlape le manamane a fepuwang setaleng.


Ho rohakwe mothetsi ya hlahisang ntho e tshehadi, athe e tona e leng teng mohlapeng wa hae, le eo, ereng ha a ikanne, a hlabele Morena ntho e senyehileng; hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme lebitso la ka le tshabeha hara ditjhaba.


A boela a roma bahlanka ba bang, a re: Bolellang ba memilweng, le re: Bonang, ke lokisitse mokete wa ka, dikgomo tsa ka le dinonneng tsa ka di hlabilwe; ntho tsohle di se di lokile; tloong bohading.


mme le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re tle re je, re nyakalle.


Eo a re ho yena: Moenao o fihlile, mme ntatao o hlabile namane e nontshitsweng, hobane o bile a mmona a sa phela.


Empa enwa mora wa hao, ya jeleng letlotlo la hao kaofela le dinyatsi, ere a sa fihla, o mo hlabetse namane e nontshitsweng.


Mosadi eo o ne a na le namane e nonneng hae; a phakisa a e hlaba; a nka le phofo, a e duba, a apeha ka yona bohobe bo sa lomoswang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos