Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 18:7 - BIBELE

7 Jwale Aborahama a mathela mohlapeng wa dikgomo, a kgetha namane e nonneng, e nama e bonojwana, mme a e nea mohlanka; yena a e hlaba ka potlako.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Abrahama a titimela mohlapeng, a nka namane e nama e boreletsana, e monate, a e neela mohlanka, hore a phakise a e apehe.

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:7
11 Referencias Cruzadas  

Aborahama a potlakela ho Sara, ka tenteng, a re: “Phakisa o nke dirotwana tse tharo tsa phofo e thumisehileng, o e dube, o etse maqebekwane.”


A nka sereledi le lebese la motsididi, le nama ya namane e phehilweng hantle, tsena a di bea kapele ho bona; yena a ema pela bona, tlasa sefate, ha ba ntse ba eja.


Empa a a pheella ka matla, mme a fapohela ho yena, a kena tlung ya hae. A a lokisetsa dijo, a a phehela bohobe bo sa lomoswang, mme a eja.


Le paqama mealong e kgabisitsweng, e kgabisitsweng ka manaka a tlou; le kakalla tulong tsa lona, tulong tse butshabutsha, le ja nama ya dikonyana e bonojwana, le je le ya manamane a nontshitsweng.


“Ho madimabe mothetsi eo ereng ha a ena le phoofolo e tona mohlapeng wa hae, e ka amohelehang, a ikane hore o tla nyehela ka yona, empa ebe o etsetsa Morena sehlabelo ka e nang le sepha! Etswe nna ke kgosi e kgolo,” ho rialo Morena wa mabotho, “mme ke lokela ho hlomphuwa hara ditjhaba.”


“Ya boela ya roma bahlanka ba bang hape, ya re: ‘Bolellang bamemuwa hore ke lokisitse mokete; dipholo le dinonneng tsa ka di se di hlabilwe, tsohle di lokile, ba tle moketeng.’


Hape le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re je, mme re keteke,


“Eo a re ho yena: ‘Moena hao o fihlile, mme ntatao o mo hlabetse namane e nontshitsweng, kahobane a boetse a mo fumane a sa phela hantle.’


empa ere ha ho fihla enwa mora wa hao, ya jeleng leruo la hao le diotswa, o mo hlabela namane e nontshitsweng!’


Mosadi o ne a ena le namane e nontshitsweng ka sakeng. A potlaka, a e hlaba; a nka phofo, a e duba, a pheha bohobe bo sa lomoswang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos