Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mme seo ke se kopang, ke hore lerato la lona le nne le eketsehe kamehla, ka tsebo le ka kelello yohle;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Thapelo ya ka ke hore le ekeletswe lerato le nang le tsebo le kutlwisiso yohle hoyahoile,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Mme ke rapella sena, hore lerato la lona le ka ata ka ho fetisisa tsebong le kahlolong yohle;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme ke rapella sena, hore lerato la lona le ka ata ka ho fetisisa tsebong le kahlolong yohle;

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 1:9
19 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ya lokileng o tiisetsa tseleng ya hae, ya nang le matsoho a masweu o eketsa ho ipha matla.


O nthute kutlwisiso e ntle le tsebo, hobane ke dumetse ditaelo tsa hao.


Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.


Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.


Mme jwalokaha le atetswe ke tsohle, ke tumelo, ke dipolelo, ke tsebo, ke mafolofolo wohle, le ke lerato leo le re ratang ka lona, le fele le atelwe le ke ketso eo ya mohau.


Ka baka leo, le se ke la etsa ka bowatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratwang ke Morena.


Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang hoo, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopela hore le tlale tsebo ya thato ya wona, ka bohlale bohle, le kelello yohle ya Moya;


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafallang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


Mme Morena a le hodise, mme a le atisetse lerato la ho ratana, le la ho rata bohle, jwalokaha re le rata le rona,


Haele ka ho hong, banabeso, re a le rapela, hape re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le ithutile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le nne le hole teng kamehla.


Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.


Ke kopa hore tumelo ya hao, eo re kopaneng le wena ka yona, e tle e sebetse ka matla, o tle o bontshise molemo wohle o ka etsetswang Jesu Kreste ha heno.


empa dijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao dikelello tsa bona di lemaletseng ho kgetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebediswa hona.


Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;


le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona. Ho yena e be kganya jwale le mehleng e sa feleng! Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos