Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 1:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme ke rapella sena, hore lerato la lona le ka ata ka ho fetisisa tsebong le kahlolong yohle;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mme seo ke se kopang, ke hore lerato la lona le nne le eketsehe kamehla, ka tsebo le ka kelello yohle;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Thapelo ya ka ke hore le ekeletswe lerato le nang le tsebo le kutlwisiso yohle hoyahoile,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Mme ke rapella sena, hore lerato la lona le ka ata ka ho fetisisa tsebong le kahlolong yohle;

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 1:9
19 Referencias Cruzadas  

Banab’eso, le se ke la ba bana matleng a kelello;


Ka baka leo, jwalokaha le atetswe ke ntho tsohle, tumelong, le dipolelong, le tsebong, le mafolofolong wohle, le ka lerato leo le re ratang ka lona, le ka ata le mohaung ona.


Ka baka leo, le se ke la ba mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.


Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopa hore le tlale tsebo ya thato ya hae ka bohlale bohle le kutlwisiso ya Moya;


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafatswang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


Morena a ke a le hodise, le a le atise leratong la ho ratana le ho batho bohle, jwalokaha le rona re le etsa ho lona.


Hape, bana beso, re a le rapela, mme re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le amohile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le hole le ho feta.


Bakaulengwe, re tshwanetse go leboga Modimo ka gale ka ntlha ya lona ka fa go tshwanetseng ka teng, ka tumelo ya lona e ntse e oketsega thata, le lorato lwa lona lotlhe lo a ata mo go yo mongwe le yo mongwe wa lona.


E le hore kopano ya tumelo ya hao e tle e sebetse ka ho tseba ntho e nngwe le e nngwe e molemo e ho wena ho Kreste Jesu.


Empa dijo tse matla ke tsa batho ba hodileng, bao dikelello tsa bona di tlwaetsweng ho kgetholla botle le bobe, ka ho di tlwaetsa.


Erekaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho utlwa nnete ka Moya ho isa leratong le se nang boikaketsi la baena, le nne le ratane ka pelo e hlwekileng.


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos