Ba batlang bophelo ba ka ba tjheha maraba a bona, ba batlang tshenyeho ya ka ba bolela tsa ho senya, ba loha mano tsatsi lohle.
Luka 6:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha na, ba tle ba fumane seo ba ka mo qosang ka sona. BIBELE Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba ne ba mo disitse hore na o tla fodisa ka Sabatha, hore ba tle ba fumane lebaka la ho mo qosa. Baasraak Sotho NT Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla fodisa ka tsatsi la Sabatha na; e le hore ba tle ba fumane seo ba mo qosang ka sona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla fodisa ka tsatsi la Sabatha na; e le hore ba tle ba fumane seo ba mo qosang ka sona. |
Ba batlang bophelo ba ka ba tjheha maraba a bona, ba batlang tshenyeho ya ka ba bolela tsa ho senya, ba loha mano tsatsi lohle.
e leng ba tswang ba bang nyeweng, ba tjhehang ya sa kwekwetleng ditabeng kgotla, ba dihelang ya lokileng ka mashano a bona.
Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.
Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng.
Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.
Yaba ba mo ela hloko, ba roma dihlwela, tsa iketsa batho ba lokileng, hore di tle di mo tshwase dipolelong tsa hae, hore ba mo neele matleng le matsohong a mmusisi.
Ka baka leo, bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, hobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa jwang mehlolo e kale ka eo na? Mme phapang e ne e le teng hara bona.