Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

39 Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

39 Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hanela ya kgopo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hanela ya kgopo;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:39
24 Referencias Cruzadas  

Tsedekia, mora Kenaana, a atamela, a jabela Mikea lerameng, a re: Moya wa Jehova o no o ye ka tsela efe, mohla o ntlohelang hore o ye ho bua le wena?


Ba ahlamile melomo ya bona hampe hodima ka, ba ntshoma, ba ntjabela marameng; ba teane hammoho ho ntwantsha.


Se re: Ke tla busetsa bobe ka bobe. Tshepa Jehova, ke yena ya tla o boloka.


O se ke wa re: Jwalokaha a nkentse, le nna ke tla mo etsa jwalo; ke tla busetsa ho e mong le e mong ka mesebetsi ya hae.


Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.


a ke a hlahise lerama la hae ho ya mo jabelang, le ho kgora dikgobo.


O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.


Jwale bokella makgotla a hao, Sione, moradi wa makgotla! Re se re ya thibellwa ke dira; ka molamu ba wahlela moahlodi wa Iseraele lerameng!


Motho, ha a rata ho o tsekisa le ho o amoha kojwana, o mo tlohelle le yona kobo.


Ba mo kwahela mahlo, ba mo wahlela, ba mmotsa, ba re: Porofeta! ke mang ya o otlileng.


Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha na, ba tle ba fumane seo ba ka mo qosang ka sona.


Jesu a mo araba, a re: Ha ke buile hampe, bolela bobe ba ka; empa ha ke buile hantle, o nkotlelang na?


Athe e se e le molato ruri ho lona, ha le ena le ditseko. Na ha le ikgethele keng ho etswa hampe? Na ha le ikgethele keng ho senyehelwa?


Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.


Ha le eso ho lwane madi a ba a hlaha, ntweng eo le e lwanang le sebe.


Le tswile, mme le bolaile ya lokileng, mme ha a ka a itwanela.


le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos