Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 6:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka Sabatha e nngwe hape, o ne a kene sinagogeng, a ruta; mme motho o ne a le teng, ya letsoho le letona le omeletseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Jwale ha etsahala ka Sabatha se seng hore Jesu a kene ka tlung ya thapelo, a rute. Ho ne ho ena le motho teng ya shweleng letsoho le letona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ka Sabatha e nngwe hape, a kena sinagogeng, a ruta; mme ho ne ho le teng monna ya omeletseng letsoho le letona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ka Sabatha e nngwe hape, a kena sinagogeng, a ruta; mme ho ne ho le teng monna ya omeletseng letsoho le letona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:6
14 Referencias Cruzadas  

Morena Jeroboame, ha a utlwa lentswe la monna wa Modimo, kamoo a howeleditseng aletare e Bethele kateng, a kgutlisa letsoho la hae aletareng, a le otlolla, a re: Mo tshwareng. Empa letsoho la hae leo a le otlolletseng ho yena, la omella, a ba a sitwa ho le honyetsa;


Ho madimabe modisa wa lefeela ya tlohelang mohlape! Lerumo le tla otla letsoho la hae le leihlo la hae le letona. Letsoho la hae le tla omella ruri, leihlo la hae le letona le fifale.


Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.


O ne a ruta sinagogeng se seng ka Sabatha.


Yaba Jesu o bua, a re ho baruti ba molao le ho bafarisi: Na ho ka lokela ho fodisa motho ka Sabatha na? Kapa tjhe?


A fihla Nasaretha, moo a neng a holetse teng. Ka letsatsi la Sabatha, a kena sinagogeng ka mokgwa wa hae; mme a ema hore a bale.


Yaba o theohela Kapernauma, motse wa Galelea; mme o ne a ruta batho ka matsatsi a Sabatha.


Ka Sabatha e bitswang ya bobedi ho ya pela, Jesu o ne a feta hara masimo; barutuwa ba hae ba ekga diqwapi, mme ba di hohla diatleng tsa bona, ba di ja.


A ba a re ho bona: Mora motho ke morena le wa Sabatha.


Ho ne ho sekame ho yona bongata bo boholo jwa batho ba kulang, difofu, le dihlotsa, le ba omeletseng ditho, [ba neng ba ntse ba lebeletse phuduo ya metsi.


Ka baka leo, bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, hobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa jwang mehlolo e kale ka eo na? Mme phapang e ne e le teng hara bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos