Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 6:6 - BIBELE

6 Jwale ha etsahala ka Sabatha se seng hore Jesu a kene ka tlung ya thapelo, a rute. Ho ne ho ena le motho teng ya shweleng letsoho le letona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka Sabatha e nngwe hape, o ne a kene sinagogeng, a ruta; mme motho o ne a le teng, ya letsoho le letona le omeletseng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Ka Sabatha e nngwe hape, a kena sinagogeng, a ruta; mme ho ne ho le teng monna ya omeletseng letsoho le letona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ka Sabatha e nngwe hape, a kena sinagogeng, a ruta; mme ho ne ho le teng monna ya omeletseng letsoho le letona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:6
14 Referencias Cruzadas  

Yare ha kgosi Jeroboame a utlwa dipolelo tsa moporofeta wa Modimo, tseo a omanyang aletare ka tsona, a mo supa ka monwana, yena Jeroboame a ntse a le aletareng, a re: “Mo tshwareng!” Letsoho leo la hae, leo a neng a supile moporofeta ka lona, la satalla hoo a ileng a sitwa ho le kgutlisa.


“Ho madimabe modisa wa ka ya sethoto, modisa ya siyang mohlape, a o siye swalabahla! Sabole e ke e mo hlathe letsoho, e ntshe kgodu ihlong le letona la hae! Letsoho la hae le ke le omelle, ihlo la hae le letona le foufalle ruri!”


Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.


Jesu o ne a ruta ka ho e nngwe ya matlo a thapelo ka Sabatha.


Jesu a bua, a re ho Ditsebi tsa Molao le Bafarisi: “Na ho a dumellwa hore ho phekolwe ka Sabatha, kapa tjhe?”


A ya Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ho ya ka tlwaelo ya hae a kena ka tlung ya thapelo ka tsatsi la Sabatha, a ema, hore a tle a bale.


A theohela Kaperenauma, e leng motse wa Galelea. A ruta e le ka Disabatha,


Ha etsahala hore Jesu a fete hara masimo ka Sabatha. Barutuwa ba hae ba kga matshohlo, ba a hohla ka diatla, ba a ja.


A re ho bona: “Mora Motho ke morena wa Sabatha.”


Tlasa wona ho ne ho paqama bakudi ba bangata: difofu, le diritsa, le ba shweleng ditho, ba lebeletse ho fuduhuwa ha metsi,


Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.” Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos