Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 20:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba ba mo ela hloko, ba roma dihlwela, tsa iketsa batho ba lokileng, hore di tle di mo tshwase dipolelong tsa hae, hore ba mo neele matleng le matsohong a mmusisi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ba disa Jesu ka hloko, mme ba roma dihlwela tse iketsang e ka ke batho ba lokileng, hore di tle di mo tshware ka dipuo, di mo neele mmusisi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Ba mo disa, ba romela dihlwela tse neng di iketsa eka ke batho ba lokileng, hore ba tle ba mo tshware ka dipolelo tsa hae, ba tle ba mo neele matleng le matleng a mmusisi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Ba mo disa, ba romela dihlwela tse neng di iketsa eka ke batho ba lokileng, hore ba tle ba mo tshware ka dipolelo tsa hae, ba tle ba mo neele matleng le matleng a mmusisi.

Ver Capítulo Copiar




Luka 20:20
20 Referencias Cruzadas  

Kahoo, Joabe a romela Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale teng; a re ho yena: O ke o iketse ya hlomohileng, o apere le diaparo tsa bofifi; o se ke wa itlotsa ka ole, o mpe o ipee mosadi ya nnileng a llela motho ya shweleng halelele;


Ba batlang bophelo ba ka ba tjheha maraba a bona, ba batlang tshenyeho ya ka ba bolela tsa ho senya, ba loha mano tsatsi lohle.


Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;


Ba hloyang Jehova ba ka be ba ipea katlasa hae, mme tjhaba sa ka se ne se tla bona lehlohonolo le sa feleng!


Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.


Yaba mahosana le marenana a batla sebaka sa ho qosa Daniele mosebetsing wa mmuso oo a o sebetsang, empa ha a ka a fumana sebaka sa molato, leha e le tlolo, etswe e be e le motho ya tshepehang, mme ho ne ho sa fumanwe tshito ho yena, leha e le bokgopo.


Eitse hobane ba mo tlame, ba ya le yena, ba mo neela Ponse Pilato, mmusisi.


Ba mo ela hloko ho bona ha a tla mo fodisa ka tsatsi la Sabatha, ba tle ba mo qose.


Ba ne ba mo laletse, ba tle ba tshware taba e ka tswang molomong wa hae, eo ba ka mo qosang ka yona.


Ba mmotsa, ba re: Moruti, re a tseba hobane o bua le ho ruta ka ho loka; ha o tadime tshobotsi ya motho, o mpa o hlile o ruta tsela ya Modimo kannete.


Ba sitwa ho mo tshwasa polelong tseo tsa hae pela batho; ba makatswa feela ke karabo ya hae, mme ba kgutsa.


Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos