Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 13:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Mookamedi wa ntlo ya thapelo a bua a halefile, hobane Jesu a ile a fodisa ka Sabatha, a re ho letshwele: “Matsatsi a tsheletse ao eka kgonang ho sebetswe ka wona. Ka baka leo, le no tla fodiswa ka wona, e seng ka letsatsi la Sabatha.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Yaba mmusi wa sinagoge a halefa, kahobane Jesu a fodisitse ka tsatsi la Sabatha, a re ho batho: Ho na le matsatsi a tsheletseng ao ho ka sebetswang ka wona; letsatsi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Yaba mmusi wa sinagoge a halefa, kahobane Jesu a fodisitse ka tsatsi la Sabatha, a re ho batho: Ho na le matsatsi a tsheletseng ao ho ka sebetswang ka wona; letsatsi.

Ver Capítulo Copiar




Luka 13:14
20 Referencias Cruzadas  

O tla sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme o etse mosebetsi wa hao kaofela.


O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka la bosupa, hore kgomo ya hao le esele ya hao di phomole le tsona, le hore mora lekgoba la hao le moditjhaba ba kgatholohe.


Ka ba nea le Disabatha tsa ka, hore e be pontsho mahareng a ka le bona, ya hore ba tsebe hoba ke nna Jehova ya ba halaletsang.


Erekaha le sututsa ka lehlakore le ka lehetla, le thesela dinku tsohle tse tepeletseng ka manaka a lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle,


Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke Sabatha, ke letsatsi la phomolo; ka lona phutheho e halalelang e tla ba teng. Le se ke la sebetsa mosebetsi leha o le mong; ke Sabatha ya Jehova meahong ya lona kaofela.


Bafarisi ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellweng ho etswa ka tsatsi la Sabatha.


Yaba motho ya bitswang Jairuse, e mong wa babusi ba sinagoge, a fihla ho Jesu; ha a mmona, a itihela maotong a hae;


Ba tlala bohale, mme ba rera hammoho seo ba tla se etsa ho Jesu.


Bangodi le bafarisi ba mo ela hloko ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha na, ba tle ba fumane seo ba ka mo qosang ka sona.


Jwale, bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, eo e leng mmusi wa sinagoge; a itihela maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene tlung ya hae;


Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.


Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, mmusi wa sinagoge ba mo otla pela lekgotla, mme Galione a se ke a tsotella letho la tseo.


Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.


Hobane ke paki ya bona, ya hore ba na le tjheseho ho Modimo, empa e seng ka kelello.


O tla sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, o etse mosebetsi wa hao wohle;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos