Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 20:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 20:10
35 Referencias Cruzadas  

Jesebele a romela lenqosa ho elia, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha ke sa etse hosasa, ha ho le jwale, ka ho phela ha hao, jwalokaha o entse ka ho phela ha e mong le e mong wa bona.


Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


le re: Ho thwe ke morena: Kenyang monna eo teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.


Ke tshabeha ho bao ke kunutang le bona, bao ke neng ke ba rata ba fetohile dira ho nna.


hobane ke utlwa ditshebo tse wewetswang ke bongata; tshoho e ntlela kahohle, ha ba botsana hammoho bakeng sa ka, ba rera ho tlosa bophelo ba ka.


Empa ke itshepela wena, Jehova; ke re: O Modimo wa ka!


Empa wena, Jehova, o nkutlwele bohloko, o ntsose, ke tle ke tsebe ho ba buselletsa se ba lokelang.


Esita le monna ya kgotsitseng ho nna, eo ke neng ke mo tshepile, ya neng a eja bohobe ba ka, o nthahile ka serethe.


Moya wa ka o hara ditau, ke robala hara batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, hara batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.


Ya patang hloyo o na le molomo o mano, empa ya hasang disebo ke lehlanya.


e leng ba tswang ba bang nyeweng, ba tjhehang ya sa kwekwetleng ditabeng kgotla, ba dihelang ya lokileng ka mashano a bona.


Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, bakeng sa batho ba Anathothe, ba tsomang bophelo ba hao, ba reng: O se ke wa nna wa porofeta ka lebitso la Jehova, o tle o se ke wa shwa ka matsoho a rona.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Empa hosasane, Pashkure a ntsha Jeremia metshwasong; Jeremia a re ho yena: Jehova ha a sa tla o bitsa ka lebitso la Pashkure (boiketlo kahohle), empa o tla o bitsa Magore-Missabibe (tshoho kahohle).


A re a sa fihla monyako wa Benjamine, molaodi wa dibohodi o ne a le hona teng, lebitso la hae e le Jireja, mora Shelemia, mora Hanania, mme a tshwara moporofeta Jeremia, ka ho re: O ya ineela Bakalde.


Le se ke la tswela naheng, le se nke maeto, hobane lerumo la sera le teng, ho tshabeha ka nqa tsohle.


Ha hao, ho na le batho ba etselletsang, hore ho tle ho tshollwe madi; ha hao, ho jelwa dithabeng; ha hao, ho etswa bohlola.


Yaba mahosana le marenana a batla sebaka sa ho qosa Daniele mosebetsing wa mmuso oo a o sebetsang, empa ha a ka a fumana sebaka sa molato, leha e le tlolo, etswe e be e le motho ya tshepehang, mme ho ne ho sa fumanwe tshito ho yena, leha e le bokgopo.


Yaba ba mo ela hloko, ba roma dihlwela, tsa iketsa batho ba lokileng, hore di tle di mo tshwase dipolelong tsa hae, hore ba mo neele matleng le matsohong a mmusisi.


Hape ba ka sitwa le ho tiisa ditaba tseo ba nqosang ka tsona jwale.


Yare ha ba lekgotla ba utlwa tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba ne ba rata ho ba bolaya.


Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos