Sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, mme o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi a hao, mme lefu ke tla le kgelosa ho wena.
Luka 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, o tla phela le ke dipolelo tsohle tsa Modimo. BIBELE Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’ ” Baasraak Sotho NT Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tsa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tsa Modimo. |
Sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, mme o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi a hao, mme lefu ke tla le kgelosa ho wena.
Eyang molaong le bopaking; ekareha ho sa uwe ka lentswe lena, etlaba setjhaba ha se sa tla tjhabelwa ke tsatsi le leng.
O ka siya dikgutsana tsa hao, nna ke tla di pholosa, le bona basadi ba bahlolohadi ba hao ba tla ntshepa.
Empa Jesu a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo.
Ke moo ke reng: Le se ke la belaela ka ho re: Re tla jang? kapa, re tla nwang? kapa, re tla ikapesa kang?
Yaba o re ho bona: Mohla ke neng ke le romile le se na mokotlana wa ditjhelete, le mokotla wa tsela, le dieta, na le kile la hloka ho hong na? Ba re: Ha ho letho leo re kileng ra le hloka.
Yaba Diabolose o re ho yena: Ekare ha o le Mora Modimo, ere, lejwe lena le fetohe bohobe.
Jesu a mo araba a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe. O tla kgumamela Morena, Modimo wa hao, o sebeletse yena feela.
O o kokobeditse, a o lapisa, a ntano o fepa ka manna, eo o neng o sa e tsebe pele, eo bontatao ba sa kanga ba e tseba, o tle o tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tswang molomong wa Jehova.