Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 49:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O ka siya dikgutsana tsa hao, nna ke tla di pholosa, le bona basadi ba bahlolohadi ba hao ba tla ntshepa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Tlohelang dikgutsana tsa lona, bophelo ba tsona ke tla bo sireletsa, bahlolohadi ba lona le bona ba ntshepe.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:11
12 Referencias Cruzadas  

Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana.


Ntata dikgutsana, moemedi wa bahlolohadi, ke Modimo moahong o halalelang wa wona.


Ahlolelang ba banyenyane le dikgutsana; le lokisetse mohlomohi le ya lesitsi;


Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.


Mme nna, o re, ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekgolo le nang le mashome a mabedi a dikete, ba sa tsebeng ho kgetha letsoho le letona la bona ho le letshehadi, hape o nang le dikgomo tse ngata!


le se ke la hlorisa mosadi wa mohlolohadi, le kgutsana, le moditjhaba, le mofutsana, le se ke la rerela ngwanabo lona kotsi pelong tsa lona.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


o ahlolelang kgutsana le mosadi wa mohlolohadi, o ratang moditjhaba, o mo neang dijo le diaparo.


Jwale, eo e leng mohlolohadi ruri, ya siilweng a nnotshi, o itshepetse Modimo, mme o tiisetsa diqelong le merapelong, bosiu le motshehare.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke ha motho a lekola dikgutsana le basadi ba bahlolohadi mahlomoleng a bona, mme a ipoloka lefatsheng a se na le lethebanyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos