Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 49:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ba neng ba sa lokele ho nwa ba tla nwa senwelo, mme wena, o ka be o sa kgalemelwe na? O ke ke wa leswa o sa kgalemelwe, empa e ka kgona o nwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Morena o bua tjena: “Haeba ba sa lokelang ho nwa senwelo, ba se nwele, lona nke ke ka le otla hobaneng? Le tla otlwa, mme senwelo sena le tla se nwa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:12
9 Referencias Cruzadas  

Ya tshehang mofutsana o soma Ya mmopileng, ya tlakang ditlokotsi tsa ba bang a ke ke a phonyoha kotlong.


Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o mpoleletse, a re: Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se letsohong la ka, o tle o se nose ditjhaba kaofela tseo ke o romelang ho tsona;


Jakobo, ke na le wena ho o pholosa, ho bolela Jehova, hobane ke tla fedisa hohle ditjhaba kaofela tseo nkileng ka o qhalanyetsa ho tsona, empa wena, nke ke ka o fedisa; ke tla o laya ka ho loka; nke ke ka o tlohela feela, o sa kgalemelwe.


Empa wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, o se ke wa tshoha, Iseraele, hobane bona, ke tla o lopolla le lefatsheng le hole, ke lopolle le ditloholo tsa hao lefatsheng la kgoleho ya bona: Jakobo o tla boya, a dule, a iketle, a sa tshoswe ke motho.


Hobane jwalokaha le nwele thabeng ya ka e kgethehileng, ditjhaba tsohle di tla nne di nwe, di inwelle, di kwenye, di be di be jwaloka hoja di sa ka tsa eba teng.


Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. — Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona? Ba re ho yena: Re ka tseba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos