Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 49:12 - BIBELE

12 Morena o bua tjena: “Haeba ba sa lokelang ho nwa senwelo, ba se nwele, lona nke ke ka le otla hobaneng? Le tla otlwa, mme senwelo sena le tla se nwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ba neng ba sa lokele ho nwa ba tla nwa senwelo, mme wena, o ka be o sa kgalemelwe na? O ke ke wa leswa o sa kgalemelwe, empa e ka kgona o nwe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:12
9 Referencias Cruzadas  

Ya somang mafutsana o soma Mmopi wa hae, ya thabelang tsietsi tsa e mong yena o tla otlwa.


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho nna, o re: ‘Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se ka letsohong la ka, mme o etse hore ditjhaba tsohle tseo ke o romang ho tsona di se nwe.


Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”


“Wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshaba, wena Iseraele, o se ke wa tsieleha, hoba ke tla o pholosa o le naheng e hole, le ditloholo tsa hao naheng ya bothopuwa. Jakobo o tla kgutla, a be le kgotso le boiketlo, ho se be ya ka hlolang a mmakela tshabo.


Seo lona tjhaba sa ka le se nweleng, la se nwella thabeng ya ka, thaba e halalelang, ditjhaba tsohle di tla se nwa ho-ya-ho-ile; di tla se nwa, di be di minyeletse, di be jwaloka hola di eso be teng.


Jesu a araba, a re: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke leng lekgatheng la ho se nwa?” Ba re ho yena: “Re ka se nwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos