Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 49:13 - BIBELE

13 Ke ikanne,” ho rialo Morena, “Bosera e tla fetoha lesupi, e be sesomo, e nyedisehe, mme e rohakehe; metse yohle ya yona e tla fetoha masupi a kamehla yohle.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane ke ana ka nna, ho bolela Jehova, hore Botsra o tla etswa makatso, le nyediso, le tshenyeho, le thohako; le metse kaofela ya teng e tla ba mafeella ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:13
21 Referencias Cruzadas  

mme la re: “Morena o re: ‘Ke ikanne ka bonna, hore kaha o entse ntho ena, o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela,


Bela a shwa, mme Jobaba, mora wa Sera wa Bosera, a busa bakeng sa hae.


Ha Bela a eshwa, Jobabe, mora wa Sera, ya tswang Bosera, a mo hlahlama.


Sabole ya Morena e kganathetse madi, mafura e a jele sa mpana-phatloha; e kganathetse madi a dikonyana le a dipodi, e kganathetse mafura a diphiyo tsa dipheleu. Morena o tla etsa sehlabelo, a se etse a le Bosera, Baedomo a ba bolaye, a ba etse mofela.


Ke hlapantse ka nna, molomo wa ka o buile ka ho loka, lentswe la ka le ke ke la fetohelwa. Mangwele wohle a tla nkgumamela, maleme wohle le wona a ikane ka nna.


Eo ya tswang Edomo ekaba ke mang, ya tswang Bosera aparo tsa hae di le kgubedu? Eo ya apereng tse ntlentle ekaba ke mang, ya hwantang ka bonatla bo boholo ba hae? “Ke nna ya buang ka tsa ho loka, ke nna ya nang le matla, matla a ho pholosa!”


Naha ya sona se e fetotse nanaola, e fetohile sekgobo sa mehla yohle, bo-mofeta-ka-tsela ba ye ba e makalle, hlooho tsa bona ba be ba di thukuthe.


Metse ena ke tla e senya e be sebonwang-se-bonwake-bohle; bo-mofeta-ka-tsela ba tla makala, ba thukuthe dihlooho ka baka la koduwa eo.


“Kahoo lona bohle ba morabe wa Juda ba ahileng naheng ya Egepeta, utlwang lentswe la Morena: Tsebang hore ke ikanne ka lebitso la ka le leholo, ho rialo Morena, hore ha ho motho wa morabe wa Juda ya naheng yohle ya Egepeta ya sa tla hlola a bitsa lebitso la ka, a re: ‘Ka Morena Modimo ya phelang!’


ya fihla Keriote, ya fihla Bosera, metseng yohle ya Moabe e hole le e haufi.


Ntsu e tla solla hodimo, e ubelle, e thathalatse mapheo a yona, e a thathalatse hodima Bosera. Pelo tsa bahlabani ba Edomo, ka tsatsi leo, di tla ka pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung.


Morena wa mabotho o se a ikanne: Ke tla tlatsa batho hara naha ya hao, bongata ba bona bo lekane le ba ditsie; ba tla o hlabela mekgosi ya ho o hlola.”


“Egepeta e tla fetoha nanaola, Edomo yona e fetohe lefeella, hobane tjhaba sa Juda se ile sa hlekefetswa, madi a sona a tshollwa a se na molato.


Motse wa Temana ke tla o tjesa, matlo a dikwele tsa Bosera ke a timetse.”


Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo, ke hloile matlo a bokwele a hae; ke tla neelana ka motse ona, ke neelane ka tsohle tse ho wona.”


Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau yona e be matlakala; ba tla e hotetsa ka mollo, ba e tjhese, ho se be ya phonyohang wa ntlo ya Esau,” ho rialo Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos