Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:4 - BIBELE

4 Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, o tla phela le ke dipolelo tsohle tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tsa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:4
13 Referencias Cruzadas  

Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


Tlohelang dikgutsana tsa lona, bophelo ba tsona ke tla bo sireletsa, bahlolohadi ba lona le bona ba ntshepe.”


A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo.’ ”


Ha ho le jwalo, le se ke la itshwenya, la re: ‘Re tla jang? Re tla nwang? Re tla aparang?’


Jesu a re ho bona: “Ha ke ne ke le romile le se na sepatjhe, mokotla, le meqathatso, na le ile la haellwa ke letho?” Ba re: “Le letho.”


hobane ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla laela mangeloi a hae hore a o sireletse,’


Diabolosi a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, ere ho lejwe lena le fetohe bohobe!”


Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.


O ile a le kokobetsa, a le bolaisa tlala, a le fepa ka manna ao lona le bo-ntata lona le neng le sa a tsebe, hore le tle le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos