Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 23:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, mme o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi a hao, mme lefu ke tla le kgelosa ho wena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:25
26 Referencias Cruzadas  

Ke yena ya tshwarelang makgopo a hao wohle, ya fodisang malwetse a hao kaofela.


a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.


hobane a ke ke a hopola bokgutshwanyane ba tshiu tsa ho phela ha hae haholo, etswe Modimo o mo hauhela ka ho mo thabisa pelo.


Ke yena ya tla aha nqalong tse phahameng, ditshabelo tsa hae e tla ba diqhobosheane tse theilweng mafikeng. O tla fuwa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a epsha.


Mme ha ho motho ya ahileng Jerusalema ya tla re: Ke bohloko! Setjhaba se ahileng teng se tshwaretswe dibe.


a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.


Matsatsi a leshome ha a fetile, difahleho tsa bona tsa bonwa di le ntle, di nonne ho fetisa tsa bahlankana ba fepuwang ka dijo tse hlabosang tsa morena.


hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona; le tshwanetse ho ikgetha, le be le halalele, hobane ke a halalela; ka baka lena, le tse ke la tshela mmele ya lona ditshila ka tse hahabang fatshe.


Ekare ha le latela ditaelo tsa ka, mme le boloka melao ya ka, le ya ka yona,


Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!


Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.


Mme jwale, Iseraele, Jehova, Modimo wa hao, o batlang ho wena, haese hore o tshabe Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye tseleng tsa hae tsohle, o mo rate, mme o sebeletse Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle,


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o mo kgomarele, mme o ane ka lebitso la hae.


Latelang Jehova, Modimo wa lona, le tshabe yena, le boloke ditaelo tsa hae, mme le utlwe lentswe la hae; le mo sebeletse, mme le mo kgomarele.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.


O tla o rata, a o hlohonolofatse, mme a o atise; o tla hlohonolofatsa ditholwana tsa popelo le tsa mobu wa hao, koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao, le ho tswalwang ke dikgomo tsa hao, le dikonyana tsa dinku tsa hao lefatsheng leo a anetseng bontatao, a re, o tla o fa lona.


Jehova o tla suthisetsa malwetse wohle hole le wena; a ke ke a o otla ka lefu le leng la mafu a mabe a Egepeta, ao o a tsebileng; empa bohle ba o hloileng, o tla ba otla ka wona.


Feela, le hlokomele haholo ho ya ka taelo le ka molao oo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le laetseng wona, wa ho rata Jehova, Modimo wa lona, le ho tsamaya ka ditsela tsohle tsa hae, le ho boloka ditaelo tsa hae, le ho mo kgomarela, le ho mo sebeletsa ka pelo yohle le ka moya wohle.


Yaba setjhaba se re ho Joshua: Tjhe, re tla mpe re sebeletse Jehova.


Ebile setjhaba se re ho Joshua: Jehova, Modimo wa rona, ke yena eo re tla mo sebeletsa, re utlwe lentswe la hae.


Samuele a re ho setjhaba: Se tshabeng; leha le entse bobe bo bokalo, feela le se ke la furalla Jehova, le sebeletse Jehova ka pelo tsohle tsa lona.


Felang le tshabe Jehova, le mo sebeletse ka nnete le ka pelo tsohle tsa lona; hobane le tshwanetse ho lemoha tse kgolohadi tseo a le etseditseng tsona.


Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos