Akabe, ha a bona Elia, a re ho yena: Na efela ke wena, wena moferekanyi wa Iseraele na?
Luka 23:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Teng ba qala ho mo qosa, ba re: Re bone motho enwa a kgelosa setjhaba, o hana ha ho ntshetswa Sesare lekgetho; hape o ipitsa Kreste, morena. BIBELE La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.” Baasraak Sotho NT Ba qala ho mo qosa, ba re: Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba, a hanela ho ntshetsa Sesare lekgetho, a re, yena ke Kreste, morena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba qala ho mo qosa, ba re: Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba, a hanela ho ntshetsa Sesare lekgetho, a re, yena ke Kreste, morena. |
Akabe, ha a bona Elia, a re ho yena: Na efela ke wena, wena moferekanyi wa Iseraele na?
Ba rera ho mo diha phahameng ya hae, ba ithabela leshanong; ba boka ka melomo ya bona, empa ba rohaka ka dipelong tsa bona. (Sela.)
Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.
Yaba baholo ba re ho morena: Motho eo a ke a bolawe; hobane o ntse a fokodisa matsoho a bahlabani ba sa setseng motseng ona, le matsoho a setjhaba kaofela, ka ho ba bolella taba tse jwalo; hobane motho eo ha a batlele setjhaba sena molemo, empa e le kotsi.
Ebile Amatsia, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, Morena wa Iseraele, a re: Amose o o fetohetse kahara ntlo ya Iseraele; lefatshe le se le sitwa ho mamella dipolelo tsohle tsa hae;
Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.
Empa ka ho re, re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope teng, mme o tshwase hlapi e tla phahama pele; etlare ha o e ahlamisa molomo, o tla fumana tjhelete ya setatera teng; o e nke, o ba nee yona, e lefelle nna le wena.
Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo.
Haele Jesu, a ema pela mmusisi, mme mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O boletse teng.
Yaba Jesu o ba araba, a re: Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, mme le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo. Mme ba mo tsota.
Pilato a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? A araba, a re ho yena: O boletse teng.
a re ho bona: Le tlisitse motho enwa ho nna, la re, o kgelosa setjhaba; bonang, nna ke mmotsisitse le le teng, mme ha ke a ka ka fihlela molato leha o le mong ho motho enwa, wa ditaba tseo le mo qosang ka tsona.
Empa ba phehella, ba re: O ferekanya setjhaba ka ho ruta Judea kaofela; esale a qala ka Galelea ho fihlela mona.
Jwale, Pilato a batla kamoo a ka mo lokollang kateng; empa Bajuda ba howa, ba re: Ha o lokolla enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya ipeang morena, o hana Sesare.
Re re, re fihletse monna enwa e le lefu, o ferekanya Bajuda bohle ba ahileng lefatsheng lohle: ke hlooho ya thuto e kgelohileng ya Banasaretha.
Ka baka leo, ke re: Neang batho bohle se ba tshwanelang: ya tshwanelwang ke lekgetho, le mo nee lekgetho; ya tshwanelwang ke seabo, le mo nee seabo; ya tshwanelwang ke tshabo, le mo tshabe; ya tshwanelwang ke hlompho, le mo hlomphe.