Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 23:2 - Baasraak Sotho NT

2 Ba qala ho mo qosa, ba re: Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba, a hanela ho ntshetsa Sesare lekgetho, a re, yena ke Kreste, morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Teng ba qala ho mo qosa, ba re: Re bone motho enwa a kgelosa setjhaba, o hana ha ho ntshetswa Sesare lekgetho; hape o ipitsa Kreste, morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ba qala ho mo qosa, ba re: Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba, a hanela ho ntshetsa Sesare lekgetho, a re, yena ke Kreste, morena.

Ver Capítulo Copiar




Luka 23:2
33 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, e le hore re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele sehape, mme o nke hlapi e tla fihla pele; mme etlare hobane o ahlamisitse molomo wa yona, o tla fumana sekoto sa tjhelete;


Ba re ho yena: Ke tsa Sesare. Yaba o re ho bona: Ka baka leo, ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare; le ho Modimo dintho tsa Modimo.


Jesu a ema pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O rialo.


Jesu a araba, a re ho bona: Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, mme le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo. Mme ba mo tsota.


Pilato a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? A araba, a re ho yena: Ke wena o boletseng.


A re ho bona: Le tlisitse monna enwa ho nna, jwaloka hoja le kgelosa setjhaba;


Mme ba eketsa ka matla, ba re: O ferekanya batho, a ruta Judea yohle, a qala Galelea ho fihlela mona.


Pilato a tswela ho bona, a re: Le qosa monna eo ka eng?


Ba araba, ba re ho yena: Hoja e ne e se sesenyi, re ka be re sa ka ra o neela yena.


Ho tloha moo Pilato a batla ho mo lokolla; empa Bajuda ba howa, ba re: Ha o lokolla motho enwa, ha o motswalle wa Sesare;


Le gona ba ka se kgone go hlatsela dilo tšeo ba nqošago ka tšona.


Hobane re fumane monna enwa e le sehloho, le mohlohlelletsi hara Bajuda bohle ba lefatsheng lohle, hape e le moetapele wa lequloana la Banasaretha.


Neang bohle tse ba lokelang; tlwaelo ho bao tefiso; poifo ho ya tshabehang; hlompho ho ya hlomphuwang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos