Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba baholo ba re ho morena: Motho eo a ke a bolawe; hobane o ntse a fokodisa matsoho a bahlabani ba sa setseng motseng ona, le matsoho a setjhaba kaofela, ka ho ba bolella taba tse jwalo; hobane motho eo ha a batlele setjhaba sena molemo, empa e le kotsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:4
25 Referencias Cruzadas  

Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Empa ba mo rera, mme ba mo tlepetsa ka majwe lebaleng la ntlo ya Jehova, ka taelo ya morena.


Ho ke ho tsejwe ke morena hore Bajuda ba tlohileng ho wena, ba ba ba tla ho rona Jerusalema, ba haha motse o ikgantshang, o mobe, hape ba se ba ya phetha marako, mme ba tsosa metheo ya wona.


Hobane efela bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: Matsoho a bona a tle a tepellele mosebetsi, hore o tle o se ke wa etswa. Oho jwale, Modimo wa ka, o ke o matlafatse matsoho a ka!


Morena wa Egepeta a re ho bona: Ke ka baka lang, Moshe le Aarone, ha le tlohedisa setjhaba mesebetsi ya sona? Kgutlelang mesebetsing ya lona!


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, bakeng sa batho ba Anathothe, ba tsomang bophelo ba hao, ba reng: O se ke wa nna wa porofeta ka lebitso la Jehova, o tle o se ke wa shwa ka matsoho a rona.


Mme wena Jehova, o tseba hobane merero kaofela wa bona bakeng sa ka ke ho mpolaya. O se ke wa apesa molato wa bona, o se hlakole sebe sa bona pela mahlo a hao; ba ke ba kgothometswe pontsheng ya hao; tsatsing la kgalefo ya hao o ba etse jwalo.


Baprista le baporofeta ba bolella baholo le setjhaba kaofela, ba re: Motho eo o loketswe ke lefu, hobane o porofetile bakeng sa motse ona kamoo le utlwileng kateng ka ditsebe tsa lona.


Le ke le batlele motse oo ke le isitseng kgolehong teng kgotso, le o rapelle ho Jehova, hobane kgotsong ya wona le tla ba le kgotso le lona.


Yaba morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia ka sephiring, a re: Ka Jehova ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya, leha e le ho o neela matleng a batho ba batlang bophelo ba hao.


Ekare ha baholo ba utlwa hobane ke buile le wena, mme ba ka tla ho wena, ba re ho wena: Ako re tsebise seo o se boleletseng morena, o se ke wa re patela sona, mme re ke ke ra o bolaya, hape le seo morena a o boleletseng sona, o re bolelle sona;


O mpa o susumetswa ke Baruke, mora Neria, bakeng sa rona, hore re tle re neelwe matleng a Bakalde, ba tle ba re bolaye, kapa ba re ise kgolehong Babilona.


Marena a yona hara yona e ka diphiri tse harolang thusolelo; a tsholla madi, a timetsa meya ya batho hore a totise maruo a wona.


Ebile Amatsia, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, Morena wa Iseraele, a re: Amose o o fetohetse kahara ntlo ya Iseraele; lefatshe le se le sitwa ho mamella dipolelo tsohle tsa hae;


Teng ba qala ho mo qosa, ba re: Re bone motho enwa a kgelosa setjhaba, o hana ha ho ntshetswa Sesare lekgetho; hape o ipitsa Kreste, morena.


Ba ba hlahisa pela baahlodi, ba re: Batho bao ba Bajuda ba ferekanya motse wa rona;


Ha ba sa ba fumane, ba hulela Jasone le baena ba bang pela babusi ba motse, ba howa, ba re: Batho bao ba ferekantseng lefatshe lohle, ba tlile le kwano;


Re re, re fihletse monna enwa e le lefu, o ferekanya Bajuda bohle ba ahileng lefatsheng lohle: ke hlooho ya thuto e kgelohileng ya Banasaretha.


Leha ho le jwalo, re tshwanetse ho utlwa ho wena tseo o di hopotseng; hobane haele thuto eo, re a tseba hore e hanwa kahohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos