Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba morena Tsedekia o re: Bonang, o matsohong a lona, hobane morena a ke ke a ba le matla ho lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Kgosi Sedekiya a re: “Ke eo, o matsohong a lona. Ha ho letho leo nna nka le etsang haeba lona le sa rate.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:5
10 Referencias Cruzadas  

Davida a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja, hore le ipee ba nkganyetsang kajeno lena na? Ana kajeno ho ka bolawa motho Iseraeleng na? Ha ke re, ke tsebile kajeno hobane ke nna morena wa Iseraele na?


Ke fokotse kajeno, leha ke le morena ya tlotsitsweng; haele banna bao, bara ba Tseruja, ba ntlhola; empa Jehova o tla putsa ya etsang bobe ka bobe ba hae.


Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng.


Haele nna, bonang, ke matsohong a lona; etsang ka nna kamoo ho leng molemo kateng, le ka ho loka mahlong a lona.


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Yaba Daniele, ka taelo ya morena, o a tliswa, a akgelwa lemeneng la ditau. Morena a bua, a re ho Daniele: Modimo wa hao, oo o o sebeletsang ka tiisetso, o ke o o namolele!


Letlapa la tliswa, ba kwahela molomo wa lemena ka lona, mme morena a le maneha, a le tiisa ka tiiso ya lesala la hae, le ka tiiso ya masale a mahosana a hae, hore ho se be letho le fetolwang bakeng sa Daniele.


Moo Saule a re ho Samuele: Ke sitilwe, hobane ke tlotse molomo wa Jehova le taba tsa hao; empa ke ne ke tshaba setjhaba, ka mamela mantswe a sona ke hona.


Akishe a fetola, a re ho Davida: Ke a tseba hobane o rateha ho nna jwaloka lengeloi la Modimo; leha ho le jwalo, marena a Bafilesta a boletse bakeng sa hao, ba itse, o se ke wa ya le rona ntweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos