Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 11:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 11:8
25 Referencias Cruzadas  

Ya eba sera ho Iseraele tshiung tsohle tsa Salomone; a totisa tsietsi tse hlahiswang ke Hadade; o ne a hloile Iseraele, mme o ne a busa Siria.


Yaba kgalefo ya Jehova e tukela setjhaba sa hae, mme lefa la hae ya eba ntho e manyala ho yena;


Mawatla a ke ke a ema pela sefahleho sa hao. O hloile bohle ba etsang bokgopo;


Bana ba Efraime ba hlometseng, ba tshwereng diqha, ba ile ba baleha tsatsing la ntwa;


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Ho nna lefa la ka le jwaloka tau e morung, le a mpurumela; ke le hloile ke hona.


Ka baka la lebitso la hao, o se ke wa nyedisa, o se ke wa senya terone ya kganya ya hao; hopola, o se ke wa roba selekane sa hao le rona.


Ba tla bitswa silefera e kgesitsweng, hobane Jehova o ba kgesitse.


ke tle ke tshware ba ntlo ya Iseraele ka dipelo tsa bona, hobane ba ntahlile bohle ho latela ditshwantsho tsa bona.


O moradi wa mmao, ya neng a qene monna wa hae le bara ba hae; o ngwanabo banabeno, ba neng ba qene banna ba bona le bara ba bona. Mma lona e ne e le Mohethe, ntata lona yena e le Maomore.


Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.


Jehova, ba mo entse ka bolotsana, hobane ba tswetse bara ba bonyatsi; jwale, kgwedi e ntjha e tla ba ja hammoho le masimo a bona.


Bolotsana bohle ba bona bo Gilgale. Ke moo ke ba hloileng. Ka baka la bobe ba metsamao ya bona, ke tla ba leleka tlung ya ka. Ha ke sa tla hlola ke ba rata; marena wohle a bona ke baikgantshi.


Ke tla nne ke ahe hara lona, mme Moya wa ka o ke ke wa tenwa ke lona.


Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.


Leha ho le jwalo, ha ba sa ntse ba le naheng ya bao e leng dira ho bona, nke ke ka ba lahla, mme nke ke ka ba kgesa hore ke ba fedise, mme ke robe selekane sa ka le bona; hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Ke na le kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; mme ke e hlolohetswe hakakang, e be e phethehe!


Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.


Ekare ha lefatshe le le hloya, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lona.


Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.


Jehova o bone hoo, mme kgalefong ya hae o lahlile bara ba hae le baradi ba hae;


Mme ya lokileng o tla phela ke tumelo; empa ekare ha a kweneha, moya wa ka ha o kgahliswe ke yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos