Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 11:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba ka re: Ha ke sa tla di alosa! E shwang e shwe; e timelang e timele; haele tse salang, a di ke di je e nngwe le e nngwe nama ya e nngwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Yaba ke bua ho mohlape, ke re: “Ha nka ke ka hlola ke le alosa. Tse tlamehang ho shwa di shwe; tse timetswang di timetswe; tse salang tsona di jane.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 11:9
22 Referencias Cruzadas  

Ke tla ba jesa nama ya bara ba bona le nama ya baradi ba bona; e mong o tla ja nama ya motswalle wa hae tsietsing le patisong eo ba tla patiswa ka yona ke bao e leng dira ho bona le ke ba batlang bophelo ba bona.


Setjhaba sena, leha e le moporofeta, kapa moprista, ha ba o botsa, ba re: Tshenolo ya Jehova keng? O ke o ba bolelle seo tshenolo e leng sona, o re: Ke tla le lahla, ho bolela Jehova.


ka baka leo, bonang, ke tla le ngala, ke le lahlele hole le sefahleho sa ka, lona le motse oo ke neng ke o neile bontata lona.


O tla tla, a senye lefatshe la Egepeta; ya lokelang lefu a ye lefung, ya lokelang kgoleho a ye kgolehong, ya lokelang lerumo a ye lerumong.


Ha ho le jwalo, hona ha hao ba nang le bana ba tla ja bara ba bona, bara ba je bontata bona, mme ke tla o hlahisetsa dikahlolo, ke qhalanyetse masala wohle a hao ka nqa tsohle.


Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.


Lefatsheng lohle, ho bolela Jehova, karolo tse pedi tsa batho ba teng di tla kgaolwa, di timele, ya boraro e sa le teng.


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


A bona sefate sa feiye se pela tsela, a ya ho sona, empa a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; a re ho sona: Ho se ke ha ba ha hlaha tholwana ho wena le ka ho sa feleng. Yaba sefate sa feiye se omella hanghang.


Ka baka leo, ke re ho lona: Mmuso wa Modimo le tla o amohuwa, mme o tla newa setjhaba se seng se tla beha ditholwana tsa wona.


Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, hore lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng.


Yaba Jesu o boela a re ho bona: Ke a ya, mme le tla mpatla, mme le tla shwa sebeng sa lona; moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla.


Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Le tla shwa dibeng tsa lona. Ekare ha le sa dumele hobane ke nna enwa, le tla shwa dibeng tsa lona.


Ya etsang ho sa lokang a nne a etse ho sa lokang; ya itshilafatsang a nne a itshilafatse; ya lokileng a eketse ho loka; le ya halalelang a nne a eketse ho halaletswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos