Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 11:8 - BIBELE

8 Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 11:8
25 Referencias Cruzadas  

Resone ya eba sera sa Solomone ka nako yohle ya bophelo ba Solomone, mme a eketsa dikgathatso hodima tse bakilweng ke Hadade. Yena Resone eo, ya neng a nyonya Baiseraele, ya eba kgosi ya Arame.


Morena a halefela setjhaba sa hae, a nyonya bao e leng lefa la hae.


O Modimo ya sa thabeleng bokgopo; motho e mobe o ke ke wa mo amohela.


Bana ba Efraime, leha e ne e le ditsebi ho fula ka diqha, ba na ba baleha mohla letsatsi la ntwa.


Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”


Lefa la ka le tshwana le tau ya moru; e a nthorela, kahoo ke e hloile.


Ka baka la bitso la hao o se ke wa re nyonya, o se ke wa tlontlolla terone e tlotlehang ya hao. Hopola selekane seo o se entseng le rona, o se hopole, o se ke wa se fedisa.


Ba tla bitswa silefera e lahlilweng, kahobane Morena o ba lahlile.”


Ke tla etsa hona e le ho hapa dipelo tsa bana ba Iseraele, hobane bohle ba mphuraletse ka baka la medingwana ya bona ya bohata.’


O fela o le moradi wa mmao kannete, yena ya neng a nyonya monna wa hae le bana ba hae. O tshwana hantle le bana beno, ba neng ba nyonya banna ba bona le bana ba bona. Mma lona e ne e le Mohete, ntata lona yena e le Moamore.


Tjhaba sa ka se timetswa ke ho hloka tsebo. “Kahobane tsebo o se o e lahlile, le nna ke tla o lahla jwalo, o ke ke wa ba moprista wa ka; kaha o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna bana ba hao ke tla ba lebala.


Ha ba a ka ba tshepahala ho Morena, ba mo tswaletse bana, bana ba dikgaupane. Jwale etlare ha kgwedi e thwasa, ba timetswe le masimo a bona.”


“Bokgopo bohle ba bona bo qadile Gilegale, ka qala ho ba hloya ha ba le moo. Ka baka la bokgopo bona ba bona, ke tla ba leleka Tempeleng ya ka. Nke ke ka hlola ke sa ba rata, mahosana a bona wohle ke bafetohedi.


Ke tla hloma Tente ya ka kahara lona, mme lona nke ke ka le hloya.


Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.


Empa leha ho le jwalo, ha ba le naheng ya dira tsa bona ha ke na ho ba lahla; ha ke na ho ba hloya hoo nka ba timetsang ho hang, ka ba ka senya selekane sa ka le bona, hobane ke nna Morena Modimo wa bona.


Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona, mme ke tla tshwenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile!


“Empa kaha baahi ba naha ya hae ba ne ba mo hloile, ba mo sadisa baromuwa morao, ba re: ‘Ha re rate ha eo a rena hodima rona.’


“Ha lefatshe le le hloya, tsebang hore le ile la ntlhoya pele ho lona.


Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.


“Morena a bona hona, mme a ba nyonya, a lahla bara le baradi ba hae.


Ya lokileng o tla phela ka tumelo, empa ha a ka ikgula, ha a sa tla nkgahlisa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos