Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 11:7 - BIBELE

7 Kahoo ke ile ka alosa mohlape o tla hlajwa, haholoholo o neng o tlatlapuwa. Ka nka melamu e mmedi: O mong ka re ke Mohau, o mong ka re ke Kutlwano; yaba ke alosa mohlape jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba ke alosa dinku tse bolawang, hara tsona ho le tse fokolang tsa mohlape, mme ka inkela thupa tse pedi, e nngwe ka e rea Mohau, e nngwe ka e rea Ditlamo, ka ba ka alosa mohlape.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 11:7
25 Referencias Cruzadas  

Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi, nke ke ka tshaba bobe, hobane o na le nna, lere la hao le molamu wa hao di a nkgothatsa.


Ntho e le nngwe feela eo ke e kopang, eo ke e batlang ho Morena, ke hore ke phele ka tlung ya Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Morena, ke bo nahanisise ke le ka Tempeleng ya hae.


Morena Modimo wa rona a ke a be mosa ho rona, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona, e, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona.


empa mafutsana o tla a ahlolela ka toka, ba ikokobeditseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka, polelo tsa hae e be thupa e otlang naha ena, kahlolo tsa hae di timetse ba kgopo.


O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.


Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;


Empa Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a tlohela karolo e nngwe ya mafutsana a naheng ya Juda, mme a a fa masimo a dijo le dirapa tsa morara.


Karolo e nngwe le e nngwe ya leshome, dikgomong, kapa dikgutshwaneng, tsohle tseo modisa a di balang ka molamu wa hae, e leng phoofolo e nngwe le nngwe ya leshome, e tla halalela ho Morena.


Morena, ka lere la hao alosa mohlape wa hao, alosa mohlape oo e leng lefa la hao, mohlape o dulang o le inotshi kahara moru, o dulang kahara makgulo a nonneng; o ke o fule Bashane le Gileade, o fule teng jwaloka mehleng ya boholoholo.


Tjhaba se mosa, se ikokobetsang, se tla o salla se ntse se phela, se ntse se phela, se tshepile Morena.


Jwale ka roba molamu wa ka wa bobedi, o bitswang Kutlwano; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane se pakeng tsa Juda le Iseraele.


Morena Modimo wa ka, o bua tjena: “Alosa mohlape o tla hlajwa.


Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.


“Davida ka boyena o mmitsa Morena. Jwale e ka ba mora wa hae jwang?” Letshwelehadi le ne le thabela ho mo mamela.


Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena. Le tsona eka kgona ke di tlise; di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, le modisa a be mong.


Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?


A nka molamu wa hae, a kgetha majwe a mahlano a boreledi ka nokaneng, a a kenya ka pataneng ya hae, e leng kotla ya hae, letjeketjane le le ka letsohong la hae, a nto atamela ho Mofilesita.


Mofilesita a re ho Davida: “Na nna ke ntja, ha o ntlela ka molangwana tjee?” Mofilesita a rohaka Davida ka modimo wa hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos