Nama ya ka le pelo ya ka di ntse di fela; lefika la pelo ya ka le kabelo ya ka ke Modimo, ka ho sa yeng kae!
Luka 16:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang, ba le amohele meahong e sa feleng. BIBELE “Nna ke a le bolella: Iketsetseng metswalle ka leruo le sa lokang, hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng. Baasraak Sotho NT Mme nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka Mamona o sa lokang; e le hore, ha le hloleha, ba le amohele meahong e sa feleng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka Mamona o sa lokang; e le hore, ha le hloleha, ba le amohele meahong e sa feleng. |
Nama ya ka le pelo ya ka di ntse di fela; lefika la pelo ya ka le kabelo ya ka ke Modimo, ka ho sa yeng kae!
Maruo a motho ya hlalefileng ke moqhaka wa hae; haele lewatla, bowatla ba lona e ntse e le bowatla.
O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu.
Akgela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamora matsatsi a mangata, o tla boela o bo bone.
Hobane nke ke ka tseka ka ho sa feleng, le ho halefa ka ho sa yeng kae, hobane pelo ya motho e ne e ka timela pela ka, le yona meya eo ke e entseng.
Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.
Jesu a re ho yena: Ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.
Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome a jang teng, le moo mashodu a fatang teng, a utswang.
Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.
Bapatsang ka tseo le nang le tsona, mme le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng teng, le moo tshwele e sa senyeng.
mme o tla ba motho ya lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka o buseletsang sona; mme tsa hao di tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.
Ha esita maruong a sa lokang le sa ka la ba kgabane, ke mang ya tla le tshepela maruo a nnete?
Ha ho mohlanka ya ka sebeletsang marena a mabedi; hobane a ka hloya e mong, a rata e mong; mohlomong a ka kgomarela e mong, a nyedisa e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.
Ke tseba seo ke tla se etsa, hore, etlere ha ke amohilwe bolebedi ba ka, batho ba nkamohele matlung a bona.
a re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di ile tsa hopolwa ke Modimo.
Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.
Hobane hlomoho e tjhatsi ya rona, ya motsotso wona, e ntse e re sebelletsa letlotlo la kganya le tlodisang, le sa feleng;
le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore le fuwe bophelo bo sa feleng.