Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 16:9 - Baasraak Sotho NT

9 Mme nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka Mamona o sa lokang; e le hore, ha le hloleha, ba le amohele meahong e sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Le nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang, ba le amohele meahong e sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Nna ke a le bolella: Iketsetseng metswalle ka leruo le sa lokang, hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka Mamona o sa lokang; e le hore, ha le hloleha, ba le amohele meahong e sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 16:9
28 Referencias Cruzadas  

Jesu a re ho yena: Ekare ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;


Le se ke la ipolokela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome di senyang, le moo mashodu a fatang, a utswang.


Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi: hobane o tla hloya e mong, mme a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo.


Le mpe le fane ka dithuso tsa dintho tseo le nang le tsona; mme bonang, tsohle di hlwekile ho lona.


Rekisang ka tseo le nang le tsona, mme le fane ka dithuso; ikeleng mekotla e sa tsofalang, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng, le moo tshwele e sa bodiseng.


O tla ba lehlohonolo; hobane ba ke ke ba o buseletsa, hobane o tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.


Ha le sa ka la tshepahala ho Mamona o sa lokang, ke mang ya tla le tshepa maruo a nnete?


Ha ho mohlanka ya ka sebeletsang marena a mabedi; hobane o tla hloya e mong, mme a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo.


Ke tseba seo ke tla se etsa, e tle e re ha ke lelekoa botsamaising, ba nkamohele matlung a bona.


A re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di hopotswe pela Modimo.


Eitse ha a mo tadima, a tshoha, a re: Ke eng, Morena? A re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse ho ba kgopotso pela Modimo.


Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;


Le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste bophelong bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos