Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 16:8 - Baasraak Sotho NT

8 Mme morena a babatsa qhoku eo e sa lokang, kahobane e entse ka bohlale; hobane bana ba lefatshe lena ba bohlale ho fetisa bana ba lesedi mehleng ya bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Mme morena a babatsa qhoku eo e sa lokang, kahobane e entse ka bohlale; hobane bana ba lefatshe lena ba bohlale ho fetisa bana ba lesedi mehleng ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 16:8
23 Referencias Cruzadas  

E mong le e mong ya buang lentswe le nyefolang Mora motho, o tla tshwarelwa, empa e mong le e mong ya buang kgahlanong le Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le lefatsheng lena, leha e le le tlang ho tla.


Petrose a re ho yena: Ho baditjhaba. Jesu a re ho yena: Jwale, bana ba lokolohile.


Ya tshepahalang ho se senyenyane, o tshepahala le ho se seholo; mme ya sa lokang ho se senyenyane, ha aa loka le ho se seholo.


Ke tseba seo ke tla se etsa, e tle e re ha ke lelekoa botsamaising, ba nkamohele matlung a bona.


A ntoo re ho e mong: Wena o na le molato o kae? A re: Ditekanyo tse lekgolo tsa koro. A re ho yena: Nka lengolo la hao, o ngole tse mashome a robileng meno e le mmedi.


Morena a re: Mamelang seo moahlodi ya sa lokang a se bolelang.


Jesu a araba a re ho bona: “Bana ba lefatshe lena ba a nyala, mme ba a nyalwa.


Empa ba tla kaiwa ba tshwanela ho rua lefatshe leo, le tsoho ya bafu, ha ba nyale, leha e le ho nyalwa;


Ha le sa na le lesedi, dumelang leseding, le tle le be bana ba lesedi. Jesu a bolela taba tseo, a tloha, a ipata ho bona.


Ho se be motho ya ithetsang. Ekare ha e mong hara lona a ipona a le bohlale lefatsheng lena, a e be lewatla, hore a tle a hlalefe.


Hobane le kile la ba lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng;


bao qetello ya bona e leng timelo, bao Modimo wa bona e leng mpa ya bona, le kganya ya bona e leng dihlong tsa bona, ba nahanang tsa lefatshe.


Lona bohle le bana ba lesedi, le bana ba motshehare;


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


Bana ba Modimo le bana ba Diabolose ba bonahala ka sena: E mong le e mong ya sa etseng ho loka ha se wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos