Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 16:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Mme morena a babatsa qhoku eo e sa lokang, kahobane e entse ka bohlale; hobane bana ba lefatshe lena ba bohlale ho fetisa bana ba lesedi mehleng ya bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Mme morena a babatsa qhoku eo e sa lokang, kahobane e entse ka bohlale; hobane bana ba lefatshe lena ba bohlale ho fetisa bana ba lesedi mehleng ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 16:8
23 Referencias Cruzadas  

Noha e ne e feta ka bohlale diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova Modimo a di entseng; mme ya re ho mosadi: A efela Modimo o itse: Le se ke la ja difate tsohle tsa tshimo na?


Amnone o ne a na le motswalle, lebitso la hae e le Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida. Jonadabe e ne e le motho ya bohlale haholo.


Mme jwale, mpiletseng baporofeta bohle ba Baale, le bahlanka ba hae bohle, le baprista ba hae bohle, ho se ke ha hlokeha leha a le mong; hobane ke rata ho etsetsa Baale sehlabelo se seholo. Mang le mang ya ka hlokehang a ke ke a phela. Athe Jehu o ne a etsa ka mano, hore a tle a timetse bohle ba sebeletsang Baale.


ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.


Tloong, re se etsetseng ka bohlale, se tle se se ke sa ngatafala, mme ya tla ya re ha ntwa e ka tsoha, sa tlatsana le dira tsa rona, sa re lwantsha, mme sa tloha naheng ena.


Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.


Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.


Petrose a re ho yena: Ke ho ba ditjhaba tse ding. Jesu a re ho yena: Ha ho le jwalo bana bona ba lokolohile lekgethong.


Ya leng kgabane ho tse nyenyane, le ho tse kgolo o tla ba kgabane; mme ya sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kgolo.


Ke tseba seo ke tla se etsa, hore, etlere ha ke amohilwe bolebedi ba ka, batho ba nkamohele matlung a bona.


A ntoo re ho e mong: Na wena, o namile ka ho le hokae? Eo a re: Ka dikore tsa koro tse lekgolo. A re ho yena: Nka lengolo la hao, mme o ngole tse mashome a robileng meno e le mmedi.


Morena a re: Utlwang se bolelwang ke moahlodi eo ya sa lokang.


Jesu a araba, a re ho bona: Bana ba lefatshe lena ba nyala, mme ba nyalwa;


empa ba tlang ho newa tokelo ya ho bona lefatshe le tlang le tsoho ya bafu, ba ke ke ba nyala, le hona ba ke ke ba nyalwa.


Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, le tle le fetohe bana ba lesedi. Jesu a bolela taba tseo, a ntoo tloha, a ipatela bona.


Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.


Hobane kgale le ne le le lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng; tsamayang ke hona jwaloka bana ba lesedi.


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


Bohle le bana ba lesedi, le bana ba motshehare; ha re ba bosiu, leha e le ba lefifi.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos