Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Akgela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamora matsatsi a mangata, o tla boela o bo bone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Lahlela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamoso o tla bo fumana.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 11:1
21 Referencias Cruzadas  

le dinotshi, le sereledi, le dinku, le mafi; ba di tlisetsa Davida le setjhaba seo a nang le sona, e be dijo tsa bona, ba re: Setjhaba se lapile, se kgathetse, se nyorilwe ka baka la nahathothe.


E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng.


Ya hauhelang mofumanehi o adimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.


Motho ya fanang o tla hlohonolofatswa, kahobane o sitsa mofutsana ka bohobe ba hae.


Jala peo ya hao e sa le hosasa, matsoho a hao o se ke o a a neela sebaka mantsiboya; hobane ha o tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba di tla mela hantle tse pedi.


nako e teng ya ho batla, e teng nako le ya ho lahlehelwa; nako e teng ya ho boloka, e teng nako le ya ho lahla;


Ho lehlohonolo lona ba jalang kahohle naheng e noseditsweng, ba sa kgineng leoto la kgomo le la esele!


Empa motho ya kgabane o rera tsa bokgabane o phehella tsa bokgabane.


Ka selemo sa bohlano le tla itjella ditholwana tsa tsona, mme ya be esale le ikgella tsona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ekare ha ntlo eo e ena le tshwanelo, kgotso ya lona a e tle ho yona; empa ha e se na tshwanelo, kgotso ya lona e kgutlele ho lona.


E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahoba a ena le lebitso la morutuwa wa ka, kannete ke re ho lona: a ke ke a timellwa ke moputso wa hae.


Ya nkileng ditalenta tse pedi, a rua tse ding tse pedi le yena ka mokgwa o jwalo.


Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.


mme o tla ba motho ya lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka o buseletsang sona; mme tsa hao di tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.


Hobane taba ke yona ena: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; mme ya jalang haholo le hona o tla kotula haholo.


Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos