Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 11:1 - BIBELE

1 Lahlela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamoso o tla bo fumana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Akgela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamora matsatsi a mangata, o tla boela o bo bone.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 11:1
21 Referencias Cruzadas  

le mahe a dinotshi, le mafi, le sereledi, le dikgutshwane, le dipholo; tsena ba di nea Davida, le batho bao a neng a ena le bona, hore ba je, hobane ba ne ba re: “Batho bana ba lapile, ba kgathetse, mme ba nyorilwe mona lehwatateng.”


Motho ya kgopo o amohela moputso wa bolotsana, ya jalang ho loka o kotula moputso wa nnete.


Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.


Motho ya fanang a thabile o tla hlohonolofatswa, hobane yena o fepa mafutsana.


Peo ya hao o e jale e sa le hoseng, ho fihlela mantsiboya matsoho a hao o se a phuthe, hobane ha o tsebe e tla atleha, kapa bobedi di tla mela hantle.


nako ya ho batla le nako ya ho tela, nako ya ho boloka le nako ya ho lahla;


lona le tla ba lehlohonolo haholo, le jale peo ya lona mabopong a dinokana tsohle, pholo le tonki tsa lona di kgaphelwe sekwai.


Empa ya kgabane o rera merero e kgabane, bokgabeneng ba hae a ke ke a sisinngwa.


Empa ka selemo sa bohlano le ka ja ditholwana tsa sefate seo, hore se tle se le behele ditholwana tse ngata. Ke nna Morena Modimo wa lona.


haeba ntlo eo e hlile e lokela, kgotso ya lona e be ho yona; athe ha e sa lokele, kgotso ya lona e kgutlele ho lona.


Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”


Ka mokgwa o jwalo ya amohetseng tse pedi a etsa phaello ya tse pedi.


“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’


mme o tla ba lehlohonolo, hobane ba ke ke ba o buseletsa. O tla buseletswa mohla tsoho ya ba lokileng.”


Tsebang hona: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; athe ya jalang haholo o tla kotula haholo.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos