Levitike 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bolela bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha motho hara lona a rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo, e tla ba sehlabelo kapa sa kgomo kapa sa tse kgutshwane. BIBELE “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha e mong wa lona a tlisetsa Morena nyehelo ya phoofolo, e be e tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, kapa wa dinku. |
empa ha a ka a tadima Kaine leha e le kabelo ya hae. Kaine a halefa haholo, mme sefahleho sa hae sa sosobana.
Busetsang ho Jehova kganya e tshwanelang lebitso la hae; tlisang dinyehelo, mme le hlahe pela hae; kgumamang pela Jehova ka bokgabane bo halalelang.
Hape, ha etswa setjheso sa mehla, le sa kgwedi ha e thwasa, le sa mekete yohle e halalelang ya Jehova, le sa motho ka mong ya ratang ho hlabela Jehova sehlabelo.
Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse.
ha le rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa ho phetha maikano, kapa sa boithatelo, kapa le rata ho hlahisetsa Jehova monko o monate meketeng ya lona e kgethehileng, ka makgomo kapa ka manku a lona,
monna eo o tla tlisa mosadi wa hae ho moprista, a tlise le nyehelo ya hae ya boshome ba efa ya phofo ya harese. A ke ke a tshela ole ho yona, a ke ke a bea dibano teng, hobane ke nyehelo ya poulelo, nyehelo ya kgopotso, e hopotsang bokgopo.
Athe lona le re: Ha ho molato leha motho a re ho ntatae, leha e le ho mmae: Sa tsa ka seo nka beng ke o thusa ka sona, e se e le korbane (ke ho re, neo e etsetswang Modimo);
Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.
Jwale, haele moo re ena le dineo tse sa tshwaneng, kamoo re filweng mohau kateng, ha ekaba re na le ho porofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;
mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.