Levitike 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova. Ver CapítuloBIBELE3 “ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena. Ver Capítulo |
Hobane thabeng ya ka e halalelang, thabeng e phahameng ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohle ba ntlo ya Iseraele, e leng bohle ba leng naheng ya bona, ba tla ntshebeletsa teng; hona teng, ke tla kgahlwa ke bona; teng ke tla botsa dikabelo tsa lona tse tsokotswang le dilopotsiya tseo le tla di tlisa tsa ntho tsohle tsa lona tse halalelang.
Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.