Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 15:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ha le rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa ho phetha maikano, kapa sa boithatelo, kapa le rata ho hlahisetsa Jehova monko o monate meketeng ya lona e kgethehileng, ka makgomo kapa ka manku a lona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 le nyehelle Morena ka nyehelo ya mollo, e leng nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo sa ho etsa kano, kapa nyehelo ya boithaopo, kapa ya mekete ya lona e kgethehileng, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e tswang mohlapeng wa dikgomo kapa wa dinku.

Ver Capítulo Copiar




Numere 15:3
27 Referencias Cruzadas  

Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


Ka baka leo, o ke o phakise o reke ka tjhelete tseo dipoho, le dipheleu, le dikonyana, le dinyehelo tsa tsona le dino tsa tsona, mme o di hlahise aletareng ya ntlo ya Modimo wa lona o Jerusalema.


Ka pelo e mafolofolo ke tla o etsetsa mahlabelo, ke rorise lebitso la hao, Jehova, hobane le molemo;


mme o tjheseletse pheleu kaofela aletareng; ke setjheso sa Jehova se monko o monate, ke sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


o ntoo di tlosa matsohong a bona, mme o di tjheseletse aletareng, setjhesong, e be monko o monate pela Jehova; ke sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


Konyana ya bobedi o tla e hlaba mantsiboya; o e hlahise e na le nyehelo le tshelo, jwaloka ya hosasa, e tle e be monko o monate le sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


Le tla e jela nqalong e kgethehileng, hoba e le kabelo ya hao, le kabelo ya bara ba hao mahlabelong a tjhesetswang Jehova, hobane ke laetswe jwalo.


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare ha e mong a itlama ka kano, ka ho bea batho, e tla ba ba Jehova ka tekanyetso ya hao.


Ekare ha motho a hlahisa sehlabelo ho lefa kano eo a anneng ka yona, kapa e le sehlabelo sa boithatelo, nama ya sona e tla jewa ka lona letsatsi la sehlabelo, mme se ka salang se tla jewa hosasane.


Le tla hlahisa, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, dipohwana tse pedi, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse lemo se le seng.


Le tla hlahisa setjheso se monko o monate ho Jehova sa pohwana, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse lemo se le seng, tse se nang sekodi.


le seroto sa mahobe a se nang ditomoso, le dinkgwana tse entsweng ka lefi la phofo, tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a se nang ditomoso a tlotsitsweng ka ole, le dinyehelo tsa tsona le dino tsa tsona.


Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Hobane ho Modimo re monkgo o monate wa Kreste hara ba bolokehang le hara ba timelang:


ho ba bang re monkgo wa lefu, o bolayang; ho ba bang re monkgo wa bophelo, o phedisang. Empa ke mang ya ka lokelang tse kalo?


mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


O ke ke wa ja menyakong ya metse ya hao karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine ya hao e ntjha, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo tsa hao, le a dinku tsa hao, leha e le mahlabelo a dikano tsa hao, tseo o itlamang ka tsona, le dinyehelo tsa hao tsa boithatelo, le tse ntshwang ke matsoho a hao;


Le tla isa teng ditjheso le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le mahlabelo a dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithatelo, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa lona.


Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos