Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 15:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 motho ya hlahisetsang Jehova sehlabelo sa hae, o tla hlahisa nyehelo ya karolo ya leshome ya lefi la phofo le dubilweng ka karolo ya bone ya hine ya ole;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Jwale ya nyehellang Morena a be a tlise le nyehelo ya dijo, ya phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e dubilweng ka ole e etsang lethara e le nngwe;

Ver Capítulo Copiar




Numere 15:4
21 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, o ke o phakise o reke ka tjhelete tseo dipoho, le dipheleu, le dikonyana, le dinyehelo tsa tsona le dino tsa tsona, mme o di hlahise aletareng ya ntlo ya Modimo wa lona o Jerusalema.


o hlahise konyana e nngwe le e nngwe e na le tekanyo ya leshome ya phofo e sefilweng, e dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng, le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine.


Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.


Hape, nyehelo eo o tla e hlahisa hammoho le konyana eo, ka hosasa ho hong le ho hong, e tla ba karolo ya botshelela ya efa; ole yona, o tla nka karolo ya boraro ya hine ya yona ho kolobisa phofo ya nyehelo ka yona. Ke nyehelo ya Jehova; ke taelo le komelo e sa feleng; e nne e be teng.


O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisa dikonyana tse pedi tse tona, tse se nang sekodi, le nku e lemo se le seng, e se nang sekodi, le dikarolo tse tharo tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, ho di etsa nyehelo, le loge ya ole e be teng.


Ekare ha motho a rata ho hlahisetsa Jehova nyehelo, nyehelo ya hae a e be ya lefi la phofo; o tla le tshela ka ole, a le nonetse ka dibano.


o tla di tshela ka ole, o di nonetse ka dibano: ke nyehelo.


le tla se ekeletsa ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo e tjheswang ka mollo, e monko o monate ho Jehova: tshelo ya veine eo le tla e hlahisa e be ya karolo ya bone ya hine.


Ha a nyehela ka nku e tona, a hlahise sehlabelo sa hae pela Jehova;


Molao wa nyehelo ke wona ona: Bara ba Aarone ba tla e hlahisa pela Jehova, pela aletare.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


le nyehelo ya pohwana e nngwe le e nngwe, e leng karolo tse tharo tsa boshome ba lefi la phofo le dubilweng ka ole;


O tla hlaba konyana e nngwe hosasa, e nngwe mantsiboya;


Le tla hlahisa mahlabelo ao, kantle ho setjheso le ho nyehelo tsa kgwedi e nngwe le e nngwe, le ho setjheso sa kamehla le nyehelo, le ho ditshelo tse hlahiswang le tsona ka taelo e beilweng. Ke mahlabelo a tjheswang ka mollo, a monko o monate ho Jehova.


Kabelo ya hae ya eba mokeke wa silefera, boima ba wona e le dishekele tse lekgolo le nang le mashome e mararo; le morifi wa silefera, tse mashome a supileng, o leng dishekele tsa sehalalelo; tse pedi tseo di ne di tletse lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo;


ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.


Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Modimo o kgahliswa ke mahlabelo a jwalo.


Mohlwaare wa re ho tsona: Nka tlohela ole ya ka jwang, eo ke roriswang ke Modimo le batho ka baka la yona, hore ke ye ho okamela difate tse ding na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos