Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 15:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine, eo o tla e hlahisa hammoho le setjheso kapa sehlabelo, bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 le veine e etsang lethara e le nngwe, e le nyehelo ya seno. Nyehelo ena o tla nyehela ka yona mmoho le nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 15:5
18 Referencias Cruzadas  

Hape, ditjheso tse ngata tsa eba teng, le mafura a mahlabelo a teboho, le dino tsa setjheso se seng le se seng. Tshebeletso ya ntlo ya Jehova ya tsoswa jwalo.


Ka baka leo, o ke o phakise o reke ka tjhelete tseo dipoho, le dipheleu, le dikonyana, le dinyehelo tsa tsona le dino tsa tsona, mme o di hlahise aletareng ya ntlo ya Modimo wa lona o Jerusalema.


Ke tla emisa senwelo sa topollo, ke rapele lebitso la Jehova;


o hlahise konyana e nngwe le e nngwe e na le tekanyo ya leshome ya phofo e sefilweng, e dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng, le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine.


O nkgule, mme re tla phalla kamora hao. Morena o ntlisitse dikamoreng tsa hae. Re tla thaba, re nyakallele wena, re rorise lerato la hao le fetisang veine. Ba o rata ka lerato la nnete.


Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.


le tla se ekeletsa ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo e tjheswang ka mollo, e monko o monate ho Jehova: tshelo ya veine eo le tla e hlahisa e be ya karolo ya bone ya hine.


Ha a nyehela ka e kgutshwane e tona, kapa e tshehadi, e le sehlabelo sa teboho, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.


Ha a nyehela ka nku e tona, a hlahise sehlabelo sa hae pela Jehova;


Hobane botle ba bona e tla ba bokakang! Koro e tla hodisa bahlankana, veine e ntjha e hodise barwetsana.


Ho nno ho etswe jwalo bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, kapa sa pheleu e nngwe le e nngwe, kapa sa konyana e nngwe le e nngwe, kapa sa potsanyane e nngwe le e nngwe.


Bakeng sa pheleu, o tle o hlahise nyehelo ya dikarolo tse pedi tsa leshome tsa phofo e dubilweng ka karolo ya boraro a hine ya ole;


Ditshelo e tla ba halofo ya hine ka pohwana; le karolo ya boraro ya hine ka pheleu; le karolo ya bone ya hine ka konyana. Ke sona setjheso sa qalo ya kgwedi, sa kgwedi e nngwe le e nngwe, sa dikgwedi tsohle tsa selemo.


Tshelo e tla ba ya karolo ya bone ya hine hodima konyana ya hosasa; tshelo ya veine e hlwekileng o tla e etsetsa Jehova nqalong e halalelang.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


Hobane, haele nna, ke se ke tla etswa sehlabelo, mme nako ya ho falla ha ka e se e le haufi.


Morara wa re ho tsona: Nka tlohela jwang veine ya ka e thabisang Modimo le batho, hore ke ye ho okamela difate tse ding na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos